Vinkmag ad

Makanselara a seboko

Molula-Setulo oa lebatooana la Ha Paki, Mazenod, Monghali Thabo ‘Moscow’ Likoti o re leha e le mona nako ea tšebetso ea Makhotla a Puso ea Libaka e fihlile pheletsong, takatso ea hae ke hore makhotla a naha ka bophara a fuoe matla a feletseng, a ho etsa lintlafatso kahare ho metse ea bona e le ho khutlisa tšepo ea sechaba se tlil’o ba khetha likhethong tsena tse akaretsang tsa naha tse tlil’o tšoaroa, ka la 29 Loetse monongoaha.

O re sechaba se khetha bakhethoa ba puso ea libaka ho ba fa matla a ho phethahatsa litakatso tsa sona, molemong oa ho ntlafatsa bophelo ba sona. Leha ho le joalo, o re makhotla ana a ntse a okha matla ‘musong o moholo, e leng sona se sitisang ho phethahatsa mosebetsi oa bona. “Makhotla a Puso ea Libaka Lesotho mona a ntse a se na matla, ‘me Basotho ha ba khetha ba be ba khetha ho re fa matla a ho ea phethahatsa litakatso tsa bona, empa le ho fihlela kajeno Makhotla a Puso ea Libaka a ntse a se na matla mabapi le litaba tsa lintlafatso tsa sechaba, litaba tsa lichelete le bophethahatsi ba melao e amanang le sechaba.” A rialo.

O re leha makhotla a fuoe matla a ho laola mobu, libakeng tse ling makhotla a ntse a se na tšebelisano-‘moho e ntle le marena, a boela a sitisoa ho laola mobu ka kotloloho, kaha lithekisetsano tsa mobu tse etsoang ke sechaba li tla pele makanselara a ka etsa liqeto mabapi le phano ea mobu. A kopa hore ha ho ntse ho etsoa Tlhopho-bocha, molao oa mobu o lokela hore o ke o hlahlojoe bocha. “Ke ka lebaka lena u tla fumana hore hohle mona ho runya matlo ha mobu oa temo o ntse o qepha.” O boletse joalo a bile a eketsa ka hore e kholo ka ho fetisisa, ke hore lintlafatso tse kang tsa likhakeletsi li ikarabella ka kotloloho ho bakhethoa, e seng makanselara.

A tiisa hore mosebetsi oa mantlha oa bakhethoa ke ho etsa melao, ho aba le ho alosa lichelete tsa sechaba, e seng lintlafatso. A re mokanselara ke montlafatsi, ke eena ea shebaneng le litlhoko tsa sechaba mabatooaneng ao a ikarabellang ho ona. A ipiletsa ho ‘muso hore kamorao ho likhetho, o ke o theolele matla sechabeng, kaha hajoale makanselara h’a qeta ho khethoa ha ho letho leo ba le etsang.

Ba bang ba baahi ba Ha Paki, Mazenod ba boletse hore ha ba bone ho le bohlokoa ho ea likhethong tsa makanselara, kaha ‘mebuso e ba tšoere matsoho ka ho se theolele matla ho bona. Ka hona ho ba khetha ha ho na thuso, kaha ba tla be ba lutse feela ho se letho leo ba le etsang, kaha tsohle li ntse li laoloa ke ‘muso o moholo.

Vinkmag ad

Read Previous

Lipolaeano li phahame

Read Next

Makemolo a qhoaela bakokoti

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular