Beke ea 34 har’a selemo
Labotšelela
Ho baloa Bukeng ea Tšenolo. (22:1-7)
“Bosiu ha bo sa tla ba teng, hobane Morena Molimo o tla ba bonesetsa.”
‘Na Joannes, lengeloi la Morena la mpontsa noka ea metsi a bophelo a hloekileng joaloka kristale, e tsoang teroneng ea Molimo le ea Konyana, e phallang har’a Iepatlelo la motse. Ka mose ona le ka mose oane ho noka,
ho teng sefate sa bophelo se behang litholoana haleshome le metso e ‘meli; se beha tholoana ea sona ka khoeli e ‘ngoe le e ‘ngoe, ‘me makhasi a sefate a etselitsoe pholiso ea bahetene.
Thohako ha e sa tla hlola e e-ba teng; terone ea Molimo le ea Konyana e tla ba motseng oo, ‘me bahlanka ba hae ba tla mo sebeletsa. Ba tla bona sefahleho sa hae ‘me lebitso la hae le tla ba liphatleng tsa bona. Bosiu
ha bo sa tla ba teng, ‘me ha ba sa tla hloka leseli la Iebone leha e le la letsatsi, hobane Morena Molimo o tla ba bonesetsa ‘me ba tla busa ka Iilemo tse sa feleng.
Lengeloi la re ho ‘na: Lipolelo tsena ke tse tiileng, ke tsa ‘nete; ‘me Morena Molimo, ea fanang ka Moea oa hae ho baprofeta, o romile lengeloi la hae ho bontša bahlanka ba hae tse tšoanetseng ho etsahala haufi. Bonang ke tla kapele-pele. Ho lehlohonolo ea bolokang lipolelo tsa boprofeta ba buka ena.
PESALEMA 94
TLOO MORENA JESU!
Tloong, re hoeletseng ho Morena ka thabo,
re etsetseng eo e Ieng lefika
le re pholosang, litlatse !
A re eeng ho eena ka lithoko,
ka lifela le ka litlatse !
TLOO MORENA JESU!
Hobane Morena ke Molimo ea phahameng,
ke khosi e kholo
‘me ha ho molimo o lekanang le eena.
Leoatle ke la hae, ke eena ea le entseng,
le Iona lefatše le bopiloe ke liatla tsa hae.
TLOO MORENA JESU!
Tloong, re inameng, re itiheleng fatše,
re khumameleng Morena ea re entseng.
Ke eena Molimo oa rona,
rona re sechaba se boliseng ba hae
mohlape o matsohong a hae.
TLOO MORENA JESU!
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka. (21:34-36)
“Falimehang, le tle le lokele ho phonyohela tsena tsohle tse tlang ho tla.”
Ka nako eo, Jesu a re ho barutuoa ba hae: Le iponele ke hona, e se re mohlomong lipelo tsa Iona tsa imeloa ke bonyollo le botahoa le ke lipelaelo tsa bophelo bona, ‘me letsatsi lena la le tsometsa hang. Hobane le tla oela bohle ba ahileng lefatšeng joaloka sefi.
Ka baka leo, falimehang ‘me le rapele ka nako eohle le tle le lokele ho phonyohela tsena tsohle tse tlang ho tla, le ho ema pel’a Mor’a motho.
