Beke ea 34 har’a selemo
Laboraro
Ho baloa Bukeng ea Tšenolo. (15:1-4)
“Ba ne ba bina sefela sa Moshe le sefela sa Konyana.”
‘Na Joannes, ka bona leholimong pontšo e ‘ngoe e kholo ‘me e makatsang: Mangeloi a supilenga tšoereng likotsi tse supuleng tsa qetello; ke tseo khalefo ea Molimo e tlang ho phethahala ka tsona.
Ka ba ka bona ho kang leoatle la galase le tsoakiloeng le mollo, ‘me ka holim’a leoatle le kang galase, ho ne ho eme ba hlotseng sebata le setšoantšo sa sona le palo ea lebitso la sona. Ba ne ba tšoere liharepa tseo ba li nehiloeng ke Molimo. Ba ne ba bina sefela sa Moshe, mohlanka oa Molimo, le sefela sa Konyana, ba re:
Morena, Molimo ea matla ‘ohle, mesebetsi ea hao e meholo ‘me e babatseha hakakang! Litsela tsa hao li lokile ‘me li na le ‘nete, uena khosi ea lichaba. Ke mang ea sa tl’o tšaba ‘me ea sa tl’o tlotlisa lebitso la hao, Morena? Hobane ua halalela, uena u inotsi; lichaba tsohle li tla tla ‘me li tla u khumamela ka ha liketso tse lokileng tsa hao li bonahalitsoe.
PESALEMA 97
E MEHOLO ‘ME EA BABATSEHA MESEBETSI EA HAO MORENA MOLIMO EA MATLA ‘OHLE.
Binelang Morena sefela se secha,
Hobane o entse tse tsotehang.
O hlotse ka seatla sa hae,
ka letsoho le halalelang la hae.
E MEHOLO ‘ME EA BABATSEHA MESEBETSI EA HAO MORENA MOLIMO EA MATLA ‘OHLE.
Morena o bontšitse pholoho ea hae,
o bonahalitse toka ea hae mahlong a lichaba.
O ikhopolitse mohau le botšepehi ba hae
bakeng la ntlo ea Israele.
E MEHOLO ‘ME EA BABATSEHA MESEBETSI EA HAO MORENA MOLIMO EA MATLA ‘OHLE.
Leoatle le ke le rore,
‘moho le tsohle tse ka ho lona,
lefatše le ba ahileng ho lona.
Linoka li ke li ope liatla.
E MEHOLO ‘ME EA BABATSEHA MESEBETSI EA HAO MORENA MOLIMO EA MATLA ‘OHLE.
Lithaba li ke li hlabe litlatse hammnoho,
pel’a Morena, hobane o tlil’o ahlola lefatše.
A ke a ahlole lefatše ka toka.
le lichaba ho se leeme.
E MEHOLO ‘ME EA BABATSEHA MESEBETSI EA HAO MORENA MOLIMO EA MATLA ‘OHLE.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka (21:12-19)
“Le tla hlouoa ke bohle ka baka la lebitso la ka, empa ha ho le qoba ea moriri e tla timela hlohong tsa lona.”
Ka nako eo Jesu a re ho barutuoa ba hae: Ba tla le isa matsoho, ba le hlorise, ba nehelane ka lona matlung a thapelo le literonkong, ba le hulanyetse ka pele ho marena le babusi ka baka la lebitso la ka. Hona ho tla hlahela e le bopaki.
Ka baka leo, ho hlake kelellong tsa lona hore ha le hloke ho ingama-ngama ka hore le tla araba joang. Ke ‘na ea tla le neha molomo le bohlale, boo lira tsa lona li tla sitoa ho bo loantša le ho bo hanyetsa. Le tla be le ekoe ke batsoali ba lona, bana babo lona, bang-ka-lona. le metsoalle ea lona, ba be ba bolaee ba bang ba lona: ‘me le tla hlouoa ke bohle ka baka la lebitso la ka. Empa ha ho le qoba ea moriri e tla timela hlohong tsa lona. Ka mamello ea lona, le tla pholosa bophelo ba lona.
