Beke ea 13 har’a selemo
Laboraro
Ho baloa Bukeng ea Moprof eta Amose. (5:14-15.21-24)
“Tlohang pel’a ka lerata la lipina tsa lona; ho loka ha lona ho be joaloka noka e sa psheng.”
Thahasellang botle, e seng bobe, le tle le phele, ‘me Morena Molimo oa makhotla a tle a fele a be le lona, joaloka ha le bolela. Hloeang bobe, le rate botle, ahlolang ka toka khorong ea motse; mohlomong Morena Molimo
oa makhotla o tla hauhela masalla a Josefa.
Ke hloile, ke bile ke nyatsa mekete ea Iona, ha ke khahloe ke liphutheho tsa Iona. Leha le ntlhahisetsa licheso le linyehelo tsa Iona, ha ke Ii amohele, leha e le mahlabelo a linonneng tsa Iona, ha ke a talime.
Tlohang pel’a ka ka lerata la lipina tsa Iona, ha, ke batle ho mamela molumo oa liharepa tsa Iona. Toka e ke e aparele kahohle joaloka metsi, le ho loka ho be joaloka noka e sa psheng.
PESALEMA 49
EA TSAMAEANG TSELENG EA ‘NETE KE TLA ‘MONTSA PHOLOHO EA MOLIMO.
Mamela, sechaba sa ka, kea bua; uena Israele,
ke hlahisa bopaki bo u tsoang.
‘Na Molimo, ke Molimo oa hao.
Ha ke hloke pohoana ea lesaka la hao,
leha e le phooko ea mohlape oa hao,
EA TSAMAEANG TSELENG EA ‘NETE KE TLA ‘MONTSA PHOLOHO EA MOLIMO.
hobane libatana tsohle tsa moru ke tsa ka,
le likete-kete tsa liphoofolo tse lithabeng.
Ke tseba linonyana tsohle tse sebakeng,
le linyamatsane tsa naha ke tsa ka.
EA TSAMAEANG TSELENG EA ‘NETE KE TLA ‘MONTSA PHOLOHO EA MOLIMO.
Leha eba ke ne ke lapa, ke ne ke sa tl’o u bolella,
hobane Iefatse ke la ka le tsohle tse ho Iona.
Ebe ke ja nama ea lipoho,
ke noe le mali a liphooko?
EA TSAMAEANG TSELENG EA ‘NETE KE TLA ‘MONTSA PHOLOHO EA MOLIMO.
U na le tokelo efe ea ho bolela melao ea ka,
le ea ho bolelisa selekane sa ka ka molomo oa hao,
uena ea hloileng khalemo,
ea furallang lipolelo tsa ka?
EA TSAMAEANG TSELENG EA ‘NETE KE TLA ‘MONTSA PHOLOHO EA MOLIMO.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (8:28-34)
“Ebe u tlile koano ho re hlokofatsa pele ho nako?”
Ka nako eo, hoba Jesu a fihle mose oane naheng ea ba-Gadara, a khahlanyetsoa ke banna ba babeli ba tšoenngoang ke bademone, ba
e-tsoa mabitleng, ba tuka ke khalefo, hoo ho neng ho se motho ea ka fetang ka tsela eo. Ba be ba hooa, ba re: Taba ea rona le uena ke efe,
Mora oa Molima? Ebe u tlile koano ho re hlkofatsa pele ho nako?
Joale thokonyana le bona ho n’o nts’o fula mohlape oa likolobe tse ngata. Bademone ba rapela Jesu, ba re: Ha u re leleka mona, u mpe u re romele mohlapeng oane oa Iikolobe. A re ho bona: E-eang! Ke ha ba e-tsoa ba
ea likolobeng tseo, ‘me mohlape kaofela oa matha, oa tsubella selomong, oa itihela leoatleng, oa shoela metsing.
Eaba balisana baa baleha, ba il’o tlaleha tsohle motse: le tsa ba neng ba
tšoenngoa ke bademone. Ke ha batho ba motse kaofela ba e-tsoa ho ea khahlanyetsa Jesu; ‘me hang ha ba ‘mona, ba mo rapela hore a tlohe tikolohong ea habo bona.
