Beke ea 30 har’a selemo
Labotšelela
Ho baloa Lengolong la Moapostola Paulosi ho Ba-Filipi. (1:18-26)
“Ho ‘na, ho phela ke Kriste le ho shoa ke monono.”
Ha Kriste a nts’a boleloa ka mokhoa ofe kapa ofe, leha e le ka ho iketsisa kapa ka ‘nete, hona ke ho thabetse ‘me ke tla ‘ne ke ho thabele; hobane ke tseba hore hona ho tla fetoha pholoho ho ‘na, ka lithapelo tsa Iona le ka
thuso ea Moea oa Jesu Kriste. Ke sena seo ke se tšepileng ‘me ke se laba-labetse: ha ho letho le tla ‘nyahamisa pelo, empa ke tla ba sebete; ‘me joale le ka mehla.
Kriste o tla tlotlisoa ke ‘na ka seqo, leha ke phela kapa ke shoa. Hobane ho ‘na ho phela ke Kriste le ho shoa ke monono.
Empa ha eba ho tsoela pele ho phela lefatšeng ho ka thusa mosebetsi oa ka, ha ke tsebe na ke tla khetha hofe. Ke qakehile ke ntho tse peli: ke na le takatso ea ho lokolloa bophelong bona le ho ba le Kriste, ‘me ke hona ho Ieng molemo haholo; empa ho phela ha ka lefatšeng ho hlokahala ka baka la Iona. Feela le tsamaee ka mokhoa o tšoanelang Evangeli ea Kriste.
Ka baka la kholo ena, ke tseba hore ke tla ‘ne ke phele, ‘me ke lule le Iona bohle, ho le thusa ho atleha le ho fumana thabo tumelong ea Iona, le tle le tsebe ho ithorisa hape ka ‘na ho Kriste Jesu, ha ke boetse ke le teng har’a Iona.
PESALEMA 41
MOEA OA KA O NYORETSOE MOLIMO EA PHELANG.
Joaloka khama e laba-labela metsi a phallang,
moea oa ka o laba-labela Uena, Molimo oa ka.
Moea oa ka o nyoretsoe Molimo, Molimo ea phelang.
Ke tla ea hlaha neng pel’a Molimo?
MOEA OA KA O NYORETSOE MOLIMO EA PHELANG.
Ke ne ke ee ke ee Tlung ea Molimo har’a baholo,
ka Iitlatse tsa thabo le teboho,
har’a Ietšoele le ketekang.
MOEA OA KA O NYORETSOE MOLIMO EA PHELANG.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka. (14:1.7-11)
“Mang le mang ea iphahamisang o tla kokobetsoa, ‘me ea ikokobetsang o tla phahamisoa.”
Ka nako eo, ka letsatsi la sabbatha, Jesu o n’a tlile lijong ka tlung ea e mong oa Bafarisi ba ka sehlohong, ‘me ba ne ba mo lisitse ka hloko. Eare ha a bona kamoo ba neng ba ikhethela litulo tse kapele kateng, a bolella
bamemuoa papiso, a re ho bona: E se n’o re ha u memetsoe moketeng oa lenyalo, u lule setulong se kapele, esere mohlomong ha e-ba teng e mong ea memiloeng ea hlomphehang ho u feta, ‘me ea le memileng bobeli ba Iona a tla ‘me a re ho uena: Mo suthele. Eaba u qala ho lula
setulong se kamorao-rao ka Iihlong. Empa ha u memiloe, u ee ho Iula setulong se kamorao, e tle ere ha ea u memileng a e-tla, a re ho uena: Motsoalle, fetela kapele. ‘Me joale e tla ba hlompho ho uena pontšeng ea ba Iutseng le uena lijong. Hobane mang le mang ea iphahamisang o tla kokobetsoa, ‘me ea ikokobetsang o tla phahamisoa.
