Vinkmag ad

La 28 Mphalane 2026

Mokete oa Simone le Juda ba halalelang Baapostola

Beke ea 30 har’a selemo

‘Mantaha

Ho baloa Lengolong la Moapostola Paulosi ho Ba-Efese. (2:19-22)

“Moaho o tiileng o nts’o hola ho ba tempele e halalelang ea Morena.”

Bana beso! Ha le sa le baeti kapa balichaba, empa le ba sechaba se le seng le bahalaleli, ‘me le ba ntlo ea Molimo. Le moaho o thehiloeng holim’a baapostola le baprofeta, oo Kriste Jesu ka sebele sa hae e leng lejoe la oona la ntlha. Holim’a hae moaho o tiileng o nts’o hola ho ba tempele e halalelang ea Molimo. Le lona le etsoa moaho o le mong ho eena, le tle le be ntlo ea Molimo ka tšebetso ea Moea o halalelang.

Pesalemna 18

 SEO LI SE BOLELANG SE PHATLALLA LE LEFATŠE LOHLE.

Maholimo a bolela letlotlo la Molimo,

‘me sebaka sa maholimo se phatlalatsa

mosebetsi oa liatla tsa hae.

Matsatsi a joetsana taba eo,

masiu a nelehetsana tsebo eo.

SEO LI SE BOLELANG SE PHATLALLA LE LEFATŠE LOHLE.

Ntle le puo, ntle le lipolelo,

ntle le molumo oa lentsoe.

Empa seo li se bolelang

se phatlalla le lefatše lohle,

molaetsa oa tsona o finyella

le pheletsong tsa lefatše.

SEO LI SE BOLELANG SE PHATLALLA LE LEFATŠE LOHLE.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka. (6:12-16)

“A qeta bosiu bohle a ntse a rapela. A khetha ba leshome le metso e ‘meli, bao a ileng a ba bitsa baapostola.”

Ka nako eo, Jesu a ikela thabeng ho ea rapela ‘me a qeta bosiu bohle a ntse a rapela Molimo. Eitse ha le chaba, a bitsa barutuoa ba hae, ‘me har’a bona a khetha ba leshome le metso e meli, bao a ileng a ba bitsa baapostola, e leng Simone, eo a mo rehileng Peterosi, le Andreas ngoan’abo, Jakobo le Joannes, Filipi le Bartholome, Matheus le Thomas, Jakobo mor’a Alfea le Simone ea bitsoang Mochesehi, Juda mor’a Jakobo le Judase Iskariota, eo e bileng moeki.

Vinkmag ad

Read Previous

La 27 Mphalane 2026

Most Popular