Beke ea 13 har’a selemo
Labobeli
Ho baloa Bukeng ea Moprofeta Amose. (3:1-8;4,11-12)
“Morena Molimo o’a bua: ea sa tl’o profeta ke mang?”
Lona bana ba Israele, moloko oohle oo a o ntšitseng naheng ea Egepeta, utloang lentsoe lena, leo Morena a le lebisang ho lona, le reng:
Ke itsebetse lõna feela har’a meloko eohle ea lefatše, ka hoo ke tla le otla ka baka la melato eohle ea löna. Na batho ba babeli ba ka tsamaea hammoho, ba sa ka ba lumellana? Na tau e ka puruma morung, ho se seo e ka se harolang? Na taoana e ka rora lephaong la eona, e sa ts’oara letho? Na nonyana e ka tšoasoa lerabeng le fatše, ho se letho le e chehileng? Na sefi se ka oa, se sa pitla letho? Ha ho hlajoa mokhosi motseng ka terompeta, na batho ba ke ke ba tšoha? Ha motse o ka oeloa ke koluoa, nạ e tla b’e sa tsoe ho Morena?
Ruri Morena Molimo ha a etse letho, a sa senolele bahlanka ba hae, baprofeta, morero oa hae. Tau ea rora: ea sa tl’o tšoha ke mang? Morena Molimo oa bua: ea sa tl’o profeta ke mang?
Ke le timelitse, joaloka mohla Molimo a neng a ripitla Sodoma le Gomorrha, la ba joaloka serumula se nts’itsoeng mollong; leha ho le joalo, ha lea ka la khutlela ho ‘na, ho rialo Morena.
Ka baka leo, uena Israele, ho na le hoo ke u reretseng hona; ‘me ere ka ha ke tla u etsa họo, u itokisetse ho khahlametsa Molimo oa hao, Israele.
PESALEMA 5
NTATAISE KA HO EA KA HO LOKA HA HAO, MORENA.
Efela ha u Molimo ea khahloang ke bokhopo;
e mobe ha a amohelehe ho uena.
Baikakasi ba ke ke ba hlaha pel’a hao,
u hloile bohle ba etsang tse sa lokang.
NTATAISE KA HO EA KA HO LOKA HA HAO, MORENA.
Athe ‘na, ka baka la boholo ba mohau oa hao,
nka kena tlung ea hao:
ke iname ka tšabo
ka pele ho tempele e halalelang ea hao, Morena.
NTATAISE KA HO EA KA HO LOKA HA HAO, MORENA.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (8: 23-27)
“A khalemela meea le leoatle, ‘me ha e-ba khutso e kholo.”
Ka nako eo, ha Jesu a kena sekepaneng, barutuoa ba hae ba mo latela. Joale, ha tsoha sefefo se seholo leoatleng, hoo sekepana se neng se koaheloa ke maqhubu; ha e le eena, o ne a robetse. Barutuoa ba hae ba atamela ho eena, ba mo tsosa, ba re: Morena, re pholose, rea timela! Jesu a re ho bona: Ke’ng ha le le boi tjee, löna ba tumelo e fokolang?
Eaba oa ema, o khalemela meea le leoatle, ‘me ha e-ba le khutso e kholo. Joale batho bao ba makala, ba re: Enoa ke ea joang, ha e le moo meea le leoatle le tsona li mo mamela?
