Vinkmag ad

La 30 Mphalane 2026

Beke ea 30 har’a selemo

Labohlano

Ho baloa Lengolong la Moapostola Paulosi ho Ba-Filippi. (1:1-11)

“Ea qalileng mosebetsi ona o motle ho lona, o tla o phethisa ho fihlela Letsatsing la Kriste.”

Paulosi le Timothi, bahlanka ba Jesu Kriste, ho bohle ba lumelang ho Jesu Kriste ba Ieng Fillippi, le ho babishopo le badiakone.

Mohau oa Molimo Ntat’a rona le oa Morena Jesu Kriste, hammoho le khotso e tsoang ho bona, Ii ke li be le Iona.

Ke leboha Molimo oa ka ka mehla ha ke le hopola, ke sa phetse ho le rapella bohle ka thabo lithapelong tsa ka tsohle, ka baka la kopano eo le bileng le eona le ‘na Evangeling ea Kriste, ho tloha letsatsing la pele ho

fihlela kajeno.

Ke na le tšepo ea hore ea qalileng mosebetsi ona o motle ho Iona, o tla o phethisa ho fihlela letsatsing la Kriste Jesu.

Hoa Jokela hore ke be le maikutlo a joalo ho Iona bohle; hobane ha ke le Iebale, lona bao, litlamong tsa ka, kapa qobeletsong le tiisong ea Evangeli, le nang le kabelo lehlohonolong Ia ka.

Efeela Molimo ke paki ea kamoo ke le hlolohetsoeng bohle kateng, pelong ea Kriste Jesu. ‘Me seo ke se rapellang ke hore le ekeletsoe lerato ho ea ho ile, tsebong le kutloisisong eohle, le tle le tsebe ho hlalohanya tse

molemo ho feta, le tšepahale ‘me le hloke molato letsatsing Ia Kriste le ntse le tletse tholoana ea toka e tlang ka Jesu Kriste, e tle e be letlotlo le thoriso ho Molimo.

PESALEMA 110

E MEHOLO MESEBETSI EA MORENA.

Ke boka Morena ka pelo ea ka eohle,

sebokeng sa ba lokileng

le moo ho phutheheloang teng

E meholo mesebetsi ea Morena,

e thahaselloa ke bohle ba khahloang ke eona.

E MEHOLO MESEBETSI EA MORENA.

Mesebetsi ea hae ke bokhabane le letlotlo,

toka ea hae e hlola ka mehla.

0 entse hore tse tsotehang tsa hae Ii hopoloe,

Morena o lereko ‘me o mosa.

E MEHOLO MESEBETSI EA MORENA.

0 file ba mo tšabang lijo,

o hopola selekane sa hae ka bosafeleng.

 0 bonahalitse matla a mesebetsi ea hae

ho sechaba sa hae,

ka ho se neha Iefa la lichaba.

E MEHOLO MESEBETSI EA MORENA.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka. (14:1-6)

“Ana ke mang oa lona, eo ekareng ha esele ea hae kapa khomo ea hae e oetse lenkoaneng a ke keng a e ntša ka letsatsi la sabbatha na?”

Ka nako eo, ka letsatsi la sabbatha, Jesu o n’a tlile lijong ka tlung ea e mong oa Bafarisi ba ka sehlohong, ‘me ba ne ba mo lisitse ka hloko.

Ho ne ho le teng ka pele ho eena motho ea khotšeng seema. Jesu a bua, a re ho baruti ba molao le ho Bafarisi: Ana ho lumeletsoe ho folisa ka sabbatha na? Empa ba khutsa.

Eaba eena oa mo tšoara, oa mo folisa a nt’ o mo lokolla. A re ho bona: Ana ke mang oa Iona, eo ekareng ha esele ea hae kapa khomo ea hae e oetse lenkoaneng, a ke keng a e ntša kapele-pele ka letsatsi la sabbatha

na? ‘Me ba sitoa ho mo arabela letho tabeng eo.

Vinkmag ad

Read Previous

La 29 Mphalane 2026

Most Popular