Morero oa Ntlafatso ea Lihoai tse ntseng li Thuthuha(SADP II), o ne o memetse baphatlalatsi ba litaba phuthehong ea matsatsi a mabeli Pitseng, Leribe ka la 11 ho isa la 12 Pulungoana monongoaha ho ea ba beha leseling ka letšolo la bona la ho bulela lihoai phumantšo ea lithuso tsa lichelete, ho ba hlalosetsa ka Morero oa SADP II le maemo a temo ea Lesotho.
H’a bua le baphatlalatsi ba litaba Ofisiri ea SADP II tlasa Lenaneo la Lithuso tsa Lichelete ho Lihoai, Monghali Tankiso Mothae o ile a ba hlalosetsa hore SADP II e na le mekhahlelo e meraro ea matlole a lithuso. Letlole la pele ke le bohareng leo sehoai se fuoang thuso ea chelete e kaalo ka M500,000.00, la bobeli ke letlole le leholo la M1.5Millione la boraro ke la bacha la chelete e kaalo ka M300,000.00. A re lithuso tsena tsa lichelete SADP II e fana ka 70% ha mokopi a tlatsetsa ka 30% ea chelete eo a e kopileng.
A hlalosa hore sehoai ka seng seo ba se thusang ka lichelete se tlatsetsa ka letho, “‘me ha re bala chelete eo SADP II e fanang ka eona re kenyeletsa le eo sehoai se faneng ka eona.” A tiisa hore SADP II e fana feela ka chelete ho motho ea seng a ntse a e-na le eona.
A bontša hore SADP II hara tse ling tsa lintho tseo e li thehetsoeng ke ho thusa Basotho ho fihlela temo e tla tseba ho ikemela khahlanong le phetoho ea boemo ba leholimo, ho ba thusa ho ea temo-khoebong, ho nepa litaba tsa temo le phepo e nepahetseng. A re SADP II e ahiloe ka mekhoa e meng e leng oa tsamaiso, e le ho aha tsebo ho lihoai ka phetoho ea boemo ba leholimo. A re e boetse e sebetsana le ho ntlafatsa tsebo le ho e kenya tšebetsong, noesetso kahare ho naha le ho ntlafatsa temo hore e fihlele boemong ba khoebo.
A re boholo ba bophelo ba Basotho bo itšetlehile ka temo, ke ka lebaka lena e hlalosoang e le mokokotlo oa moruo oa naha. Ka hona e lokela hore ebe e ‘ngoe ea lintho tseo Basotho ba lokelang ho e tšoara ka tsela e hlokolosi hobane ba phela ka eona. A re leha e le mokokotlo oa naha ho bonahala boholo ba batho ba lema ka sepheo sa ho fepa malapa e be ho salang eba hona hoo ba ka ho rekisang. “Temo ea rona ke e etselitsoeng ho koala lephako e se khoebo.” Ke Mothae eo.
Ho ea ka e mong oa baphatlalatsi ba litaba, Molise Rasello o boletse hore phutheho ena e bile bohlokoa haholo ho bona kaha e ne e tlil’o ba hlokomelisa ka bohlokoa ba SADP II, le hore ba il’o fana ka melaetsa ho lihoai ho ea itokisetsa ho tla qala ho etsa likopo tsa lithuso tsa lichelete. A re ba boetse ba tlilo fana ka malebela ho sechaba ka letšolo la SADP II la ho thusa Basotho ho etsa hore temo ea bona e fetohe khoebo.
