Beke ea 25 har’a selemo
Labone
Ho baloa Bukeng ea Moruti. (1:2-11)
“Ha ho letho le lecha tlas’a letsatsi.”
Lefeela la mafeela-feelane, ho rialo Moruti. Lefeela la mafeela-feelane, tsohle ke lefeela.
Motho o boelloa ke’ng ka boikhathatso bohle boo a bo nkang tlas’a letsatsi? Moloko o mong o ee o hlahe, o mong o fete, empa lefatše lona le sale le ntse le le teng ka mehla. Letsatsi le ee le chabe, le be le likele, le potlakele hae moo le tla hlaha teng hape. Moea o ee o fokele Boroa, o khutle o lebe Leboea, o ee o fokele koana le koana, o boele o pota-pote joalo. Linoka tsohle li phallela leoatleng, empa leoatle ha le tlale; moo li phallelang teng, linoka li tsoela pele ho leba teng.
Ntho tsohle lia tena: ha ho letho leo motho a ka hlolang a le bua. Leihlo ha le khathale ke ho bona, le tsebè ha e khotsofale ke ho utloa. Se kileng sa e-ba teng se tla boela se e-ba teng, se kileng sa etsebala se tla boela se etsahale: ha ho letho le lecha tlas’a letsatsi. Esita le ntho eo ho ka thoeng aa eona: “ntho ena, e ncha” ke seng e kile ea e-ba teng pele ho mehla ea röna. Batho ba khale ha ba sa hopoloa; le ba tla tla hamorao, le bona ha ba sa tla hopoloa ke ba tla ba hlahlama.
PESAIEMA 89
MORENA, U BILE SETŠABELO SA RONA HO TLOHA MOLOKONG HO ISA MOLOKONG.
U busetsa motho leroleng,
u re: “Boela moo u tsoang, ngoan’a Adama.”
Mahlong a hao lilemo tse sekete
li ka letsatsi la maobane le seng le fetile.
Li ka hora ea phalímeho ea bosiu.
MORENA, U BILE SETŠABELO SA RONA HO TLOHA MOLOKONG HO ISA MOLOKONG.
U hlakola batho, eb’e ke ke toro;
bạ ka joang bo tlokomang hoseng;
hoseng boa mela, bo tlokome,
mantsiboea boa pona, bo omelle.
MORENA, U BILE SETŠABELO SA RONA HO TLOHA MOLOKONG HO ISA MOLOKONG.
Re rute ho hlophisa matsatsi a rona,
re tle re rue bohlale ba ‘nete.
Khutla, Morena, u liehela’ng?
Qenehela bahlanka ba hao.
MORENA, U BILE SETŠABELO SA RONA HO TLOHA MOLOKONG HO ISA MOLOKONG.
U re khorise mohau oa hao e sa le hoseng,
re tle re nyakalle,
re thabe bophelong bohle ba rona.
Mosa oa Morena, Molimo oa rona,
o k’o theohele ho rona!
Ak’u re atlehisetse mosebetsi oa matsoho a rona,
u atlehise mosebetsi oa matsoho a rona.
MORENA, U BILE SETŠABELO SA RONA HO TLOHA MOLOKONG HO ISA MOLOKONG.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka. (9:7-9)
“Joannes, ke mo khaotse hlooho; empa eo ke utloang tse joalo ka eena ke mang na?”
Ka nako eo Morena Heroda a utloa tsohle tse etsoang ke Jesu ‘me o n’a tsielehile, hobane batho ba bang ba ne ba re: Joannes o tsohile bafung; athe ba bang ba re: Elia o hlahile; hape ba bang ba re: E mong oa baprofeta ba khale o tsohile. Joale Heroda a re: Joannes, ke mo khaotse hlooho; empa eo ke utloang tse joalo ka eena ke mang na? ‘Me o n’a lakatsa ho bona Jesu.
