Vinkmag ad

Ba keteka lilemo tse 200

Motsamaisi Lekaleng la Liphatlalatso, Likhokahanyo, Mahlale le Tšebeliso ea Mahlale, Mofumahali ‘Matšepo Mosoka o re leano la Machaba la tšebeliso ea mahlale la selemo sa 2006 le bohlokoa haholo, bakeng sa ho hokahanya litsebo tsa bochaba le mahlale a kajeno ka sepheo sa ho etsa liqeto tse ka holisang moruo oa Naha ea Lesotho.

Matšepo Mosoka o re leano la Machaba la tšebeliso ea mahlale la selemo sa 2006 le bohlokoa haholo, bakeng sa ho hokahanya litsebo tsa bochaba le mahlale a kajeno ka sepheo sa ho etsa liqeto tse ka holisang moruo oa Naha ea Lesotho.

Motsamaisi Lekaleng la Liphatlalatso, Likhokahanyo, Mahlale le Tšebeliso ea Mahlale, Mofumahali ‘Matšepo Mosoka o re leano la Machaba la tšebeliso ea mahlale la selemo sa 2006 le bohlokoa haholo, bakeng sa ho hokahanya litsebo tsa bochaba le mahlale a kajeno ka sepheo sa ho etsa liqeto tse ka holisang moruo oa Naha ea Lesotho.

O buile tsena ‘mokeng oa matsatsi a mararo oa ketekelo ea ho tšoaea lilemo tse 200 sechaba sa Basotho se thehiloe, o bileng Holong ea Sekolo se Seholo sa Sechaba(NUL), Roma ka la 1 ho isa la 3 Mphalene monongoaha, tlasa mohoo o reng; “phahamiso ea boleng ba litsebo tsa bochaba, ntšetsopeleng ea Naha.”

A re ketekelo ena ke sesupo sa lerato le leholo ho sechaba sa Basotho le botebo ba litsebo tse ileng tsa thusa ho bopa bophelo le leeto lena la sechaba sa Basotho la lilemo tse 200.

E mong oa bahlophisi ba ‘moka Prof. Tšepo Mokuku h’a tekela barupeli, matichere le sechaba litaba tsa hae ‘mokeng ona o itse tlasa mohoo oa bona oa ho phahamisa boleng ba litsebo tsa bochaba ba habo bona, Naha ea Lesotho e keteka nalane le bochaba lebitsong la Basotho bohle.

A thoholetsa le ho leboha ka ho khetholoha Mothehi oa Sechaba sa Basotho Morena Moshoeshoe I, ka bohlokoa boo a ba sietseng bona ba litaba tsa bochaba tseo moloko oa hajoale o ntseng o ithuta ho tsona le ho imona menoana ka tsona.

Motlatsi oa Mookameli oa Sekolo se Seholo sa Sechaba, Prof. Olusola Isaac Fajana  o itse nako e fehlile ea hore sechaba sa Basotho se hetle morao ka lilemo tsena tse 200 tsa ketekelo ea ho thehoa ha bona, e le ho sheba liqholotso le likatleho tseo ba li fihletseng. Ka holimo ho tsohle a khothaletsa hore ho etsoe meralo e tla tseba ho ntšetsa Naha ea Lesotho pele. Setsebi litabeng tsa moruo ho hlaha Mokhatlong oa Machaba oa Ntsetsopele(UNDP), Prof. Talla Takoukam o itse likamano tsa Naha ea Lesotho le UNDP  li itšetlehile mafapheng a fapakaneng a bophelo a kenyeletsang hara a mang tosantšo ea bofuma, tlala le ho nyolla moruo oa Naha. A re ba boetse ba kenya letsoho ka ho fan aka boletsi le ho kena lipakeng molemong oa ho tlisa khotso le botsitso moo e bang boralipolotiki haba shebele litaba ‘moho.

Setsebi litabeng tsa moruo ho hlaha Mokhatlong oa Machaba oa Ntsetsopele(UNDP), Prof. Talla Takoukam o itse likamano tsa Naha ea Lesotho le UNDP  li itšetlehile mafapheng a fapakaneng a bophelo a kenyeletsang hara a mang tosantšo ea bofuma, tlala le ho nyolla moruo oa Naha. A re ba boetse ba kenya letsoho ka ho fan aka boletsi le ho kena lipakeng molemong oa ho tlisa khotso le botsitso moo e bang boralipolotiki haba shebele litaba ‘moho.

Vinkmag ad

Read Previous

La 4 Mphalane 2024

Read Next

La 5 Mphalane 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular