Vinkmag ad

La 4 Mphalane 2024

Sehopotso sa Francis ea Halalelang oa Assisi, Moitlami

Labohlano

Ho baloa Lengolong la Moapostola Paulosi ho Ba-Galata. (6,14-18)

“Ke jere maqeba a Morena Jesu ‘meleng oa ka.”

Bana beso! Ho hang ha ke lokele ho ithorisa ka letho, ha e se ka sefapano sa Morena oa rona Jesu Kriste, seo ka baka la sona lefatše le thakhisitsoeng ka nqeng ea ka, le ‘na ke thakhisitsoeng ka nqeng ea lona. Hobane ho Kriste Jesu lebollo kapa boqai ha se letho; hoo e leng taba ke ho ba sebopuoa se secha. Khotso le mohau li be ho bohle ba tlang ho latela molao ona le ho Israele oa Molimo. Ho tloha joale, ho se be motho ea ntšoenyang ka letho, hobane ke jere maqeba a Jesu ‘meleng oa ka. Mohau oa Morena oa rona Jesu Kriste o be le meea ea lona, bana beso. Amen!

PESALEMA 130

U MPOLOKE KHOTSONG EA HAU, MORENA.

Morena, pelo ea ka ha e na boikhantšo,

mahlo a ka ha a na boikakaso;

ha ke ikhathatse ka tse phahameng,

leha e le ka tse hlollang tse mphetang.

Empa moea oa ka o iphelela khotsong le khutsong,

joaloka ngoana ea nyantseng, ea sikiloeng ke ‘m’ae;

joaloka ngoana ea nyantseng,

moea oa ka o khotso.

Israele, tšepa Morena,

ho tloha joale ho isa khale.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (11,25-30)

“Le ithute ka ‘na hobane ke bonolo, ebile ke pelo e boikokobetso.”

Ka nako eo, Jesu a bua joana: Kea u leboha, Ntate, Morena oa leholimo le oa lefatše, hobane litaba tsena u li patetse ba bohlale le ba seli, ‘me u li senoletse bana. E, Ntate, hobane hona e bile boithatelo ba hau.

Tsohle ke li nehiloe ke Ntate. Ha họ ea tsebang Mora, ha e se Ntate; ‘me ha ho ea tsebang Ntate, ha e se Mora le eo Mora a ratang ho mo senolela eena.

Tloong ho ‘na, lona bohle ba sebetsang ka thata, ba imetsoeng, ‘me ke tla le khatholla. Itjareleng joko ea ka, le ithute ka ‘na, hobane ke bonolo, ebile ke pelo e boikokobetso, ‘me le tla fumantša meea ea lona khatholoho. Ruri joko ea ka e monate, ‘me thoto ea ka e bobebe.

Vinkmag ad

Read Previous

La 3 Mphalane 2024

Read Next

Ba keteka lilemo tse 200

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular