Vinkmag ad

RSL e apesa naha ka botala

E le ntšetso pele ea morero oa ho apesa naha ka botala ba lifate, Setsi sa Lesotho sa Litšebeletso tsa Pokello ea Lekhetho (RSL), ka kopanelo le Lekala la Meru le Tikoloho ba lemme lifate tsa meru le tsa tlholeho tse 2,500 Ha Ntabanyane seterekeng sa Mohale’s Hoek ka la 19 Pulungoana monongoaha.

H’a bua le sechaba se neng se bokane ka bongata temong ea lifate ea tšoereng molepo e le mookameli oa RSL, Mofumahali Tlhoholonofatso Mosase o boletse hore ke boikarabello ba Mosotho ka mong ho bona hore o lema sefate e le ho apesa tikoloho. A bontša hore temo ea lifate ke ea lintho tse teng meralong ea bona ea tšebetso, kaha ba itlamme ho sireletsa tikoloho ka ho lema lifate ba ntse ka tataiso ea ba nang le litsebo litabeng tsa temo ea lifate.

Lebitsong la ‘Musi oa Setereke sa Mohale’s Hoek, Monghali Tsoeling Tieheli o itse qholotso e kholo ea setereke sa Mohale’s Hoek ke mahoatata le ho taboha mangope, ‘me taba ea paballo ea tikoloho ke boikarabello ba bohle. “E nthabisitseng ka ho fetisisa ke mafuta oa lifate o lenngoeng mona, eleng lifate tsa tlholeho.” A rialo.

A supa hore ke lifate tse ntle haholo tse bileng li holang ka katleho e kholo ha feela li hlokometsoe hantle. A ipiletsa ho sechaba le morena oa sebaka sa Maphutseng ho baballa le ho sireletsa lifate tsena. A isa teboho e khethehileng ho RSL ka ho tlisetsa sechaba sa Maphutseng bophelo bo botle ka temo ea lifate.

Mofumahali ‘Manthabeleng Rakotsoana a bua lebitsong la sechaba sa Tikoloho ea Ha Ntabanyane, o itse ba motlotlo haholo ka tšebetso e makhethe eo ba entseng. A leboha ka kotloloho RSL le Lekala la Meru le Tikoloho ka ho tlisa ntlafatso ea bohlokoa ha kana tikolohong ea habo bona. A itlama hore ba tla e sireletsa e le hore e tle e se ke ea atlehela bona feela, empa le ba meloko e tlang. “Ka molao ha mosebetsi ona oa temo ea lifete o se o entse, ke bopaki ba hore sebaka sena ha ho sa lebelletsoe hore ho ka fulisoa liphoofolo. Sechaba sa heso ha re bontšeng boitlhompho ka ho baballa ntlafatso ena entsoeng e le hore e tle e tsebe hore atlehela.” Ke eena eo.

Vinkmag ad

Read Previous

La 20 Pulungoana 2026

Most Popular