Vinkmag ad

La 17 Pulungoana 2026

Sehopotso sa Elizabeth ea Halalelang oa Hungaria, Moitlami.

Beke ea 33 har’a selemo

Labobeli

Ho baloa Bukeng ea Tobite. (12:6-13)

“Ho rapela ka botšepehi kapa ho etsa mesebetsi ea mohau ka toka ho molemo.”

Matsatsing ao, Lengeloi la re ho Tobite le ho mora oa hae: “Bokang Molimo, le mo lebohe pontšeng ea bohle ba phelang bakeng la molemo oo a le etselitseng oona. Bokang ‘me le roke Lebitso la hae. Phatlalletsang batho bohle mesebetsi ea Molimo joaloka ha e le tšoanelo, ‘me le mo lebohe le sa khathale.

Ke ntho e ntle ho boloka lekunutu la khosi, empa ke tšoanelo ho senola le ho tumisa mesebetsi ea Molimo. Mo leboheng ka mokhoa o tšoanelehang. Etsang ho leng hotle, ‘me bobe bo ke ke ba le ama. Ho rapela ka botšepehi kapa ho etsa mesebetsi ea mohau ka toka ho molemo ho e-na le ho ba le maruo bokhopong. Ho etsa mesebetsi ea mohau ho molemo ho e-na le ho ipokella ka gauda.

Ho etsa mesebetsi ea mohau ho pholosa lefung, ho mo hlakola libe tsohle tsa hae. Ba etsang mesebetsi ea mohau ba tla tlala bophelo; athe ba etsang sebe baa itoantša.

Ke tla le bolella ‘nete eohle, ke sa le patele letho. Ke se ke itse ke ntho e ntle ho boloka lekunutu la khosi le ho senola mesebetsi ea Molimo ka mokhoa o tšoanelehang. Tsebang joale hore ha le ne le rapela, uena leha e le Sarra, e ne e le na ea hlahisang lithapelo tsa lona pel’a botlotlehi ba Morena; ke ne ke etsa joalo le ha u ne u pata bafu.

Mohla u sa kang ua qea-qea họ ema le ho tlohela lijo ho ea pata mofu, ke moo ke ileng ka rongoa ho u nonya.

PESALEMA 130

U MPOLOKE KHOTSONG EA HAO, MORENA

Morena, pelo ea ka ha e na boikhantšo,

mahlo a ka ha a na boikakaso;

ha ke ikhathatse ka tse phahameng,

leha e le ka tse hlollang tse mphetang.

U MPOLOKE KHOTSONG EA HAO, MORENA

Empa moea oa ka o iphelela khotsong le khutsong,

joaloka ngoana ea nyantseng, ea sikiloeng ke ‘m’ae;

 joaloka ngoana ea nyantseng,

moea oa ka o khotso.

U MPOLOKE KHOTSONG EA HAO, MORENA

Israele, tšepa Morena,

ho tloha joale ho isa khale.

U MPOLOKE KHOTSONG EA HAO, MORENA

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoengke Matheus (25:31-46)

“Ka mehla ha le etselitse e mong oa bana bana b’eso ba banyenyane, le etselitse ‘na.”

Ka nako eo, Jesu a re ho barutuoa ba hae: Mohla Mor’a motho a tlang ka botlotlehi ba hae, mangeloi ‘ohle a e-na le eena, o tla lula setulong sa hae sa botlotlehi. Lichaba tsohle li tla phuthehela ho eena, ‘me o tla khetha ba bang ho ba bang, joalokaha molisa a khetha linku ho lipoli. O tla beha linku ka ho le letona la hae, ‘me a behe lipoli ka ho le letšehali.

Joale Morena o tla re ho ba ka ho le letona: Tlohong, lona bahlohonolofatsuoa ba Ntate, le rue ‘Muso oo le o lokiselitsoeng ha e sa le lefatše le thehiloe. Hobane ke ile ka lapa ‘me la mpha ho ja, ka nyoroa ‘me la mpha ho noa, ka ba moeti ‘me la nkamohela, ke ne ke hlobotse, ‘me la nkapesa, ka kula ‘me la ntlhoela, ka ba chankaneng ‘me la nchakela.

Ke moo ba lokileng ba tla mo araba, ba re: Morena, ke neng re ileng ra u bona u lapile ‘me ra u fepa, u nyoriloe ‘me ra u fa ho nooang na? Ke neng re ileng ra u bona u le moeti ‘me ra u amohela, kapa u hlobotse ‘me ra u apesa na? Ke neng re u boneng u kula kapa u le chankaneng ‘me ra u chakela na? ‘Me Morena o tla araba, a re ho bona: Ka ‘nete ke re ho lona, ka mehla ha le etselitse e mong oa bana bana b’eso ba banyenyane, le etselitse ‘na.

Joale, o tla re le ho ba ka ho le letšehali: Tlohang ho ‘na, lona ba rohakehileng, e-eang mollong o sa feleng, o lokiselitsoeng Diabolusi le mangeloi a hae. Hobane ke ile ka lapa ‘me ha lea ka la mpha ho ja, ka nyoroa ‘me ha lea ka la mpha ho noa, ka ba moeti ‘me ha lea ka la nkamohela, ke ne ke hlobotse ‘me ha lea ka la nkapesa, ka kula, ka ba chankaneng, ‘me ha lea ka la ntlhoela.

Ke moo ba tla mo araba le bona, ba re: Morena, ke neng re ileng ra u bona u lapile kapa u nyoriloe, u le moeti kapa u hlobotse, u kula kapa u le chankaneng, ‘me re sa kang ra u sebeletsa na? Joale o tla ba araba, a re: Ka ‘nete ke re ho lona, ka mehla ha le sa ka la etsetsa e mong oa ba banyenyane bao, le ‘na ha lea nketsetsa. ‘Me bana ba tla ea hlokofatsong e sa feleng, athe ba lokileng ba tla ea bophelong bo sa feleng.

Vinkmag ad

Read Previous

La 16 Pulungoana 2026

Most Popular