Meea e Purgatoring
Beke ea 30 har’a selemo
‘Mantaha
Ho baloa Bukeng ea Jobo. (19:1.23-27)
“Kea tseba, Mophetetsi oa ka oa phela.”
Jobo a re: Hoja mantsoe a ka a ka ngoloa, hoja a ka hatisoa holim’a koporo, a hatisoa ka tšepe holim’a loto, a chekeloa letlapeng hore a sale teng ka mehla.
‘Na kea tseba, Mophetetsi oa ka oa phela, ‘me qetellong ke eena ea tla ema holim’a lefatše; esita leha ke se ke mumuhile letlalo, ke tla ‘ne ke bone Molimo e le ‘na ka seqo. Ke tla mona a eme le ‘na, mahlo a ka a mo talime e ntse e le eena. Pelo ea ka e ea tetebela ka sefubeng sa ka.”
PESALEMA 24
HA HO LE EA MONG OA BA U TŠEPANG EA TLA TLONTLOLLEHA.
Morena, se lebale mosa le mohau oa hao,
tseo e sa leng li le teng ho tloha khale.
Nteballe libe le litlolo tsa bocheng ba ka,
u nkhopole ka mohau oa hao.
HA HO LE EA MONG OA BA U TŠEPANG EA TLA TLONTLOLLEHA.
Thoba matetetso a pelo ea ka,
u ‘ntše matšoenyehong a ka.
Ak’u talime ho hlopheha le ho khathatseha ha ka,
‘me u ntšoarele libe tsohle tsa ka.
HA HO LE EA MONG OA BA U TŠEPANG EA TLA TLONTLOLLEHA.
Baballa bophelo ba ka, u ntopolle,
ke se ke ka tlontlolleha ha ke tšabela ho uena.
Ho hloka koli le ho loka ha ka li ke li nqobeletse,
ha ke ntse ke u lebeletse, Morena.
HA HO LE EA MONG OA BA U TŠEPANG EA TLA TLONTLOLLEHA.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka. (23:33.39-43)
“Kajeno lena u tla ba le ‘na Paradising.”
Eitse hoba ba fihle qalong e bitsoang Kalvari ba thakhisetsa Jesu hona moo, hammoho le masholu ao, le leng ka ho le letona, le leng ka ho le letšehali.
Le leng la masholu a neng a thakhisitsoe la monyefola, la re: Haeba u le Kriste, u ipholose ‘me u re pholose le rona! Empa le leng la mo khalemela, la re: Le uena, ha u tšabe Molimo, uena ea leng kahlolong e tsoanang le ea hae? Ha e le rona, ke ka tšoanelo, hobane re fumane se lokelang liketso tsa rona, athe enoa ha a ka a etsa letho le lebe. ‘Me la re ho Jesu: Morena u nkhopole ha u fihla ‘musong oa hao! Jesu a le araba, a re: Ka ‘nete ke re ho uena, kajeno lena u tla ba le ‘na Paradising.
