Beke ea 26 har’a selemo
Labotšelela
Ho baloa Bukeng ea Jobo. (42:1-3.5-6.12-16)
“Joale, ke u bone ka mahlo, ka hona kea inyatsa.”
Jobo o araba Morena, o re: “Ke tseba hore o na le matla ‘ohle, le hore ha ho morero oa hao o ka nyopang. Ke buile ka ho hloka kutloisiso ka tse tsotehang tse mphetang, tseo ke se nang tsebo ea tsona. Ke ne ke utloile tsa hao ka bo-ba-re; empa joale, ke u bone ka mahlo. Ka hona kea inyatsa, ke bakile, ke lutse leroleng le moloreng.”
Joale Morena a hlohonolofatsa boemo ba qetello ba Jobo ho feta ba pele. A rua linku tse likete tse leshome le metso e mene, likamele tse likete tse tšeletseng, lipholo tsa lijoko tse sekete, le liesele tse tšehali tse sekete.
A ba le bara ba supileng le barali ba bararo. Morali oa pele a mo reha lebitso la “Leebana”, oa bobeli “Sinnamone”, oa boraro “Naka-la-setlolo”. Naheng eohle ho ne ho se basali ba batle joaloka barali ba Jobo. Ntat’a bona a ba arolela lefa joaloka likhaitseli tsa bona.
Ka mora’ tsena Jobo a phela hape lilemo tse lekholo le mashome a mane: a bona bara ba hae, le bara ba bara ba hae, ho isa molokong oa bone a nt’o shoa a tsofetse, a khotsofetse ke bophelo.
PESALEMA 118
MORENA TALIMA MOHLANKA OA HAO KA SEFAHLEHO SE ELILENG.
Morena nthute tlhalohanyo le tsebo,
hobane ke tšepile melao ea hao.
Ho molemo ha ke sotlehile,
e le hore ke ithute thato ea hao.
MORENA TALIMA MOHLANKA OA HAO KA SEFAHLEHO SE ELILENG.
Morena, ke tseba hore likahlolo tsa hao li lokile,
‘me leha u ntšotlile e ne e le ka tšoanelo.
Le kajeno, tsohle li ntse li lutse
ka ho ea ka tlhopho ea hao,
hobane tsohle lia u sebeletsa.
MORENA TALIMA MOHLANKA OA HAO KA SEFAHLEHO SE ELILENG.
Ke mohlanka oa hao, u mphe bohlale,
ke tle ke tsebe litemoso tsa hao.
Qaqiso ea lentsoe la hao e hlahisa leseli,
e fa ba se nang mano bohlale.
MORENA TALIMA MOHLANKA OA HAO KA SEFAHLEHO SE ELILENG.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka. (10:17-24)
“Le thabe hobane mabitso a lona a ngotsoe leholimong.”
Ka nako eo, barutuoa ba mashome a supileng a metso e ‘meli ba khutla, ba thabile, ba re: Morena, esita le bademone ba laeloa ke rona ka lebitso la hao.
Jesu a ba araba, a re: Ke bone Satane a e-oa leholimong joaloka lehalima. Ke se ke le file matla a ho hata linoha le liphepheng le ho hatakela matla ‘ohle a sera, ‘me le ke ke la etsoa hampe le ho hatakela matla ‘ohle a sera, ‘me le ke ke la etsoa hampe ke letho. Leha ho le ioalo, le se ke la thaba ka baka la hobane meea e mebe e laeloa ke lona, le mpe le thabe hobane mabitso a lona a ngotsoe leholimong.
Nakong eo, Jesu a nyakalla ho Moea o Halalelang, ‘me a re: Kea u tlotlisa, Ntate, Morena oa leholimo le oa lefatše, ha u patetse ba bohlale le ba seli litaba tseo ‘me u li senoletse ba banyenyane. Ahe, Ntate, hobane u khahliloe joalo. Ke nehiloe tsohle ke Ntate, ‘me ha ho ea tsebang na Mora ke mang, ha e se Ntate, le hore na Ntate ke mang, ha e se Mora le eo Mora a tla rata ho mo senolela eena.
‘Me Jesu a retelehela ho barutuoa ba hae, a re: Ho lehlohonolo mahlo a bonang seo le se bonang! Hobane ke re ho lona, baprofeta le marena a mangata a ratile ho bona tseo le li bonang, ‘me ha a ka a li bona le ho utloa tseo le li utloang, ‘me ha a ka a li utloa.
