Beke ea 27 har’a selemo
‘Mantaha
Ho baloa Lengolong la Moapostola Paulosi ho Ba-Galata. (1:6-12)
“Ha kea ka ka fuoa Evangeli kapa ho e rutoa ke motho empa ke e senoletsoe ke Jesu Kriste.”
Ke maketse ha le phakisa joalo ho tlohela Ea le bitsitseng ka mohau oa Kriste le ho fetela evangeling esele. Hase hore e ‘ngoe esele e teng, empa batho ba teng ba le ferekanyang, ba ratang ho fetolela molaetsa oa
Kriste hosele. Empa Ieha e ka ba rona, kapa lengeloi le tsoang leholimong, le ka le bolella evangeli esele, e seng eo re le boleletseng eona, a ke a timele!
Joaloka ha ke se ke boletse pele, le joale ke boela ke re: Ha motho a ka le bolella evangeli esele, e seng eo le e amohetseng, a ke a timele! Ana joale ke rata ho thabisa batho kapa Molimo? Ana ke rata ho khahlisa batho? Hoja ke sa ntse ke khahlisa batho, nka be ke se mohlanka oa Kriste. Ke le tsebisa hore Evangeli e boletsoeng ke ‘na, ha e tsoe ho motho. Hobane ha kea ka ka e fuoa kapa ho e rutoa ke motho empa ke e senoloetsoe ke Jesu Kriste.
PESALEMA 110
MOREN A O HO POLA SELEKANE SA HAE KA BOSAFELENG.
Ke boka Morena ka pelo ea ka eohle,
sebokeng sa ba lokileng
le moo ho phutheheloang teng.
E meholo mesebetsi ea Morena,
e thahaselloa ke bohle ba khahloang ke eona.
MOREN A O HO POLA SELEKANE SA HAE KA BOSAFELENG.
Mesebetsi ea liatla tsa hae ke ‘nete le toka,
litaelo tsa hae tsohle ke tsa ‘nete.
Li etselitsoe ho ba teng ka mehla le mehla,
Ii fanoe ka ‘nete le ka tšoanelo.
MOREN A O HO POLA SELEKANE SA HAE KA BOSAFELENG.
O rometse sechaba sa hae pholoho,
o laetse hore selekane sa hae e be se sa feleng.
Qaleho ea bohlale ke tšabo ea Morena.
Ba phelang ka eona ba na le kutloisiso e ntle.
MOREN A O HO POLA SELEKANE SA HAE KA BOSAFELENG.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka. (10:25-37)
“Oa heso ke mang na?”
Ka nako eo, Moruti e mong oa molao a ema, a mo leka, a re: Moruti ke tšoanetse ho etsa’ng, ke tle ke fumane bophelo bo sa feleng na? Jesu a re ho eena: Ana ho ngotsoe’ng Molaong? U bala’ng teng na? Eo a araba, a re: U tla rata Morena Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle, ka moea oa hao oohle, ka matla a hao ‘ohle, le ka kelello ea hao eohle; ‘me oa heno u mo rate joaloka ha u ithata. Jesu a re ho eena: U arabile hantle; Etsa joalo ‘me u tla phela.
Empa eena ka ho rata ho ipeha ka botleng, a re ho Jesu: Oa heso ke mang na? Eaba Jesu o bua, a re: Motho e mong o n’a theoha Jerusalema a e-ea Jeriko ‘me a oela matsohong a linokoane tse ileng tsa mo hlobolisa, tsa mo etsa maoma, ‘me tsa ikela, tsa mo siea a le makhatheng.
Ha etsahala hore moprista e mong a theohe ka tsela eona eo; a ‘mona empa a mo koekoetla. Ka mokhoa o joalo Mo-Levi e mong, ha a le haufi le qalo eo, a ‘mona le eena a mo koekoetla.
Athe moeti oa mo-Samaria ha a fihla pel’a hae, a ‘mona, ‘me a mo utloela bohloko. Eaba o atamela ho eena a mo tlama maqeba, a a tšela ka oli le ka veine, a mo palamisa, a mo isa tlung ea baeti ‘me a mo oka.
Ka la hosasane, a ntša lidenare tse peli, a Ii nea mong’a ntlo ‘me a re: Mo oke, ‘me sohle seo u tla se ntša ka holim’a sena, mohla ke khutlang ke tla u buseletsa sona. Joale ke mang oa ba bararo bao eo u ‘monang e bile
oa habo ea oetseng matsohong a linokoane na?
A araba a re: Ke ea mo etselitseng mohau. ‘Me Jesu a re ho eena: E-ea, ‘me le uena u etse joalo.
