Vinkmag ad

Mangeloi a halalelang a re lebelang

2 Mphalane 2026

Labohlano

Ho baloa Bukeng ea Exoda. (23:20-23)

“Lengeloi la ka le tla u etella pele.”

Ke sena seo Morena a se bolelang: Ke tla romela lengeloi la ka le tle le u etelle pele, le u etelle pele, le u lebele tseleng ea hao ‘me le u fihlise sebakeng seo ke u lokiselitseng sona. U le hlomphe ‘me u mamele lentsoe la lona. U se ke ua le tella, hobane le ke ke la u leballa phoso e joalo, ka ha le eme Lebitsong la ka.

Empa ha eba u ka mamela lentsoe la lona ka hloko ‘me ua etsa tsohle tseo ke li bolelang, ke tla ba sera sa lira tsa hao, ke tla loantša ba u loantšang. Lengeloi la ka le tla u etella pele, ‘me le u ise naheng ea ba-Amore, ea ba-Hethe, ea bo-Ferese, ea ba-Kanaana, ea ba-Heve le ea ba-Jebuse, bao ke tla ba felisa.

Pesalema 90

O LAETSE MANGELOI A HAE HO U LEBELA TSELENG TSOHLE TSA HAO.

Uena ea phelang tšireletsong ea Ea holimo-limo,

ea lulang moriting oa Ea matla-‘ohle,

e-re ho Morena: U setšabelo sa ka,

u qhobosheane ea ka,

u Molimo oa ka eo ke mo tšepileng.

O LAETSE MANGELOI A HAE HO U LEBELA TSELENG TSOHLE TSA HAO.

Hobane ke eena ea u tšoasollang

lerabeng la sechehi, le koluoeng e timetsang.

O tla u koahela ka masiba a hae,

‘me u tla tšabela tlas’a mapheo a hae:

ho tšepahala ha hae ke thebe le tšireletso ea hao.

O LAETSE MANGELOI A HAE HO U LEBELA TSELENG TSOHLE TSA HAO.

U ke ke ua tšaba liriti tsa bosiu,

kapa motsu oa seqha o bebang motšeare,

leha e le koluoa e khukhunang lefifing,

kapa lefu la seoa le tlokang har’a mp’a motšeare.

O LAETSE MANGELOI A HAE HO U LEBELA TSELENG TSOHLE TSA HAO.

Ha ho tlokotsi e ka u hlahelang,

ha ho kotlo e ka thetsang ntlo ea hao.

Hobane o laetse mangeloi a hae

ho u lebela tseleng tsohle tsa hao.

O LAETSE MANGELOI A HAE HO U LEBELA TSELENG TSOHLE TSA HAO.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (18:1-5.10)

“Leholimong mangeloi a bona a bona ka mehla sefahleha sa Ntate ea maholimong.”

Ka nako eo, barutuoa ba tla ho Jesu, ba re: Ha u bona, e moholo ke mang ‘musong oa maholimno? Eaba Jesu o bitsa ngoana e monyenyane, o mo emisa ka hare ho bona, o re: Ka ‘nete kea le bolella, ha le sa sokolohe la ba joaloka bana ba banyenyane, le ke ke la kena ‘musong oa maholimo. Ea ikokobetsang a be joaloka ngoana enoa e monyenyane, ke eena ea leng moholo musong oa maholimo. Ea amohelang ngoana e monyenyane ea joaloka enoa, ka baka la lebitso la ka, o amohela ‘na.

Hlokomelang, le se ke la nyelisa le ea mong oa ba banyenyane bana, hobane, kea le bolella, mangeloi a bona leholimong a bona ka mehla sefahleho sa Ntate ea maholimong.

Vinkmag ad

Read Previous

La 1 Mphalane 2026

Most Popular