La 27 Phato 2026
Beke ea 21 har’a selemo
Labone
Ho baloa Lengolong la Pele la Moapostola
Paulosi ho Ba-Korinthe. (1:1-9)
‘Ho eena le ruisitsoe ka mekhoa eohle.”
Paulosi ea bilelitsoeng ho ba moapostola oa Jesu Kriste ka thato ea Molimo, le Sosthene ngoan’abo rona, ho kereke ea Molimo e Ieng Korinthe, ho ba halalelitsoeng ho Kriste Jesu, ba bilelitsoeng ho halalela,
hammoho le bohle ba rapelang, qalong efe kapa , efe, lebitso la Morena oa rona Jesu Kriste, eo e Ieng Morena oa bona le oa rona.
Mohau le khotso e tsoang ho Molimo Ntat’a rona, le ho Morena Jesu Kriste, Ii ke Ii be le Iona. Ke leboha Molimo oa ka kamehla ka baka la Iona, bakeng la mohau oa Molimo, oo le o filoeng ho Kriste Jesu. Hobane, ho eena, le ruisitsoe ka mekhoa eohle, leha e le thutong eohle, leha e le tsebong eohle, ka baka la ho tiea ha bopaki ba Kriste ka ho Iona.
Ka hona ha le haelloe ke neho efe kapa efe ea mohau, lona ba lebeletseng boiponahatso ba Morena oa rona Jesu Kriste. Ke eena ea tla ‘ne a le tiise ho isa qetellong, le tle le hloke nyatseho letsatsing la ho tla ha Morena oa rona Jesu Kriste. Molimo ea tsepahalang, ke eena ea le bilelitseng bophelong bo le bong le Mora oa hae, Jesu Kriste, Morena oa rona.
PESALEMA 1-14
MORENA KE TLA BOKA LEBITSO LA HAO KA MEHLA.
Ke tla u boka ka matsatsi ‘ohle,
ke rorise lebitso la hao kamehla le mehla.
Morena o moholo, o lokeloa ke thoriso eohle,
boholo ba hae bo sitoa ho lekanngoa.
MORENA KE TLA BOKA LEBITSO LA HAO KA MEHLA.
Moloko o thoholetse moloko o tlang mesebetsi ea hao,
o tumise liketso tsa matla a hao.
Ke tla inahana ka khanya ea botlotlehi ba hao.
le ka liketso tse tsotehang tsa hao.
MORENA KE TLA BOKA LEBITSO LA HAO KA MEHLA.
Ho tla boleloa matla a tšabehang a hao;
le ‘na ke tla pheta tsa boholo ba hao.
Ho tla etsoa khopotso ea molemo o moholo oa hao,
toka ea hao e hlabeloe litlatse.
MORENA KE TLA BOKA LEBITSO LA HAO KA MEHLA.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (24:42-51)
“Falimehang, le itokisetse.”
Ka nako eo Jesu a re ho barutuoa ba hae: Falimehang, hobane ha le tsebe nako eo Morena oa Iona a tla tla ka eona. Le mpe le utloisise hore, ha eba mong’a ntlo a n’a ka tseba nako eo lesholu le ka tlang ka eona, o n’a tla falimeha ‘me o n’a ke ke a lumella hore ntlo ea hae e qhaqhoe. Ka baka leo, le Iona le hle le itokisetse, hobane Mor’a motho o tla tla ka nako eo le sa e lebelang.
Joale ke mang mohlanka ea tšepahalang ‘me ea seli, eo morena oa hae a ‘mehileng holim’a ba ntlo ea hae, hore a ba fe lijo ka nako? Ho lehlohonolo mohlanka eo, etlare ha mong’a hae a e-tla, a mo fumane a etsa joalo. Ruri kea le bolella, o, tla ‘meha moalosi oa lintho tsohle tsa hae.
Empa ha mohlanka eo a le khopo, o tla re ka pelong ea hae: Mong’a ka oa lieha; ‘me o tla qala ho otla balekane ba hae ba bohlanka, a je ‘me a noe le matahoa. Joale mong’a mohlanka eo o tla khutla ka letsatsi leo mohlanka
a sa mo lebellang ka Iona, le ka nako eo a sa e tsebeng, ‘me o tla mo khaohanya le ba bang, a be le kabelo le baikaketsi; moo ho tla ba teng lillo le litsikitlano tsa meno.
