Vinkmag ad

La 27 Mphalane 2026

Beke ea 30 har’a selemo

Labobeli

Ho baloa Lengolong la Moapostola Paulosi ho Ba-Efese (5:21-33)

“Mantsoe ana ke sephiri se seholo, malebana le Kriste le Kereke.”

Bana beso! E mong le e mong a ipehe tlas’a ba bang ka ha le hlompha Kriste. Basali ba ke ba mamele banna ba bona joaloka ha ba mamela Morena, hobane monna ke hloho ea mosali, joaloka ha Kriste e le hloho ea Kereke, eo e leng ‘mele oa hae oo ao pholositseng.

‘Me joaloka ha Kereke e mamela Kriste, le bona basali ba mamele banna ba bona joalo nthong tsohle. Banna, ratang basali ba lona, joaloka ha Kriste a ratile Kereke ea hae, ‘me a tetse bophelo ba hae ka baka la eona, hore a tle a e halaletse, ka ho e hloekisa ka hlatsuo ea metsi le ka lentsoe la hae. O itlhophetse eona hore e be Kereke e khanyang, e se nang letheba le lesoebe, leha e le ho hong hoa mofuta ona, e mpe e be e halalelang, e hlokang sekoli.

Ka mokhoa o joalo le banna ba tšoanetse ho rata basali ba bona. Ea ratang mosali oa hae, oa ithata. Ha ho e-s’o be motho ea kileng a hloea ‘mele oa hae; empa o ee a o fepe, a o baballe.

Ke sona seo Kriste a se etselitseng Kereke ea hae, hobane ke ‘mele oa hae, oo rona re leng litho tsa oona. Ka baka leo monna o tla siea ntat’ae le ‘m’ae, a khomarele mosali oa hae, ‘me bobeli ba bona e tla ba ntho e le ‘ngoe. Mantsoe ana ke sephiri se seholo malebana le Kriste le Kereke. Ha ho le joalo, e mong le e mong oa lona a rate mosali oa hae joaloka ha a ithata: ‘me mosali a hlomphe monna oa hae.

PESALEMA 127

HO LEHLOHONOLO BOHLE BA TŠABANG MORENA.

U lehlohonolo uena, ha u tšaba Morena,

‘me u tsamaea litseleng tsa hae.

U tla ja tsa mosebetsi oa matsoho a hao,

katleho le mahlohonolo li u aparele.

HO LEHLOHONOLO BOHLE BA TŠABANG MORENA.

Mosali oa hae tla ka morara o behang,

ka har’a ntlo ea hao;

bana ba hao e tla ka mahlomela a mohloare.

ba potile tafole ea hao.

HO LEHLOHONOLO BOHLE BA TŠABANG MORENA.

Efela o hlohonolofatsoa joalo

motho ea tšabang Morena.

Morena a ke a u hlohonolofatse a le Sione,

u ke u bone boiketlo ba Jerusalema

ka matsatsi ‘ohle a ho phela ha hao.

HO LEHLOHONOLO BOHLE BA TŠABANG MORENA.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka. (13:18-21)

“Peo ea mela me ea fetoha sefate se seholo.”

Ka nako eo Jesu a re; Muso oa Molimo o tšoana le eng, ‘me ke tla o tšoantša ka ‘ng na? O tšoana le tlhaku ea mosetareta, eo motho a ileng a e nka, a e jala serapeng sa hae; ea mela ‘me ea fetoha sefate seo linonyana tsa leholimo li ka ahelang makaleng a sona.

A boela a re: Ke tla tšoantša ‘muso oa Molimo ka’ng na? O tšoana le tomoso eo mosali a ileng a e nka, a e lubella ho fihlela hlama e lomoseha kaofela litekanyong tse tharo tsa phofo.

Vinkmag ad

Read Previous

La 26 Mphalane 2026

Most Popular