Vinkmag ad

La 26 Mphalane 2026

Beke ea 30 har’a selemo

Mantaha

Ho baloa Lengolong la Moapostola Paulosi ho Ba-Efese (4:32-5,8)

“Tsamaeang tseleng ea lerato, joaloka ha Kriste a re ratile.“

Ha e le bohlola, e le tsohle tse litšila, e le bokhonatha, e Ieng tse sa lokeleng bahalaleli, Ii se ke tsa boleloa le ho boleloa har’a Iona. Ho se be tse lihlong, lipolelo tse sa tlalang le mesoaso e mebe, tsena tsohle ha Ii tšoanelehe. Ho mpe ho utloahale liteboho. Ka baka leo tsebang, le be le utloisise hore mang le mang eo e leng sehlola, kapa ea litšila, kapa lekhonatha ka ha tsena tsohle e le tšebeletso ea melimo ea bohata ha a na kabelo ‘Musong oa Kriste le oa Molimo. Ho se be motho ea le thetsang

ka mantsoe a lefeela, ka hobane ke ka baka la ntho tseo khalefo ea Molimo e tlelang bana ba se nang mamelo. Le se ikopanye le ba joalo. Efela, le kile la ba lefifi, athe kajeno le leseli ho Morena. Tsamaeang joaloka ha le le bana ba leseli.

PESALEMA 1

E-BANG BAETSISI BA MOLIMO KA HA LE

BANA BA RATE HANG HAHOLO BA HAE.

Ho lehlohonolo motho

ea sa lateleng keletso ea ba khopo,

ea sa beheng le leoto tseleng ea baetsalibe,

ea sa luleng mokhatlong oa basomi;

empa_e le ea khahloang-ke molao oa Morena,

ea inahanang ka molao oo nyene le bosiu.

E-BANG BAETSISI BA MOLIMO KA HA LE

BANA BA RATE HANG HAHOLO BA HAE.

0 ka sefate se hlonngoeng pel’a mehloli ea metsi,

se behang litholoana ka nako ea teng,

 Seo mahlaku a sona a sa poneng;

mesebetsi eohle ea hae ea atleha.

E-BANG BAETSISI BA MOLIMO KA HA LE

BANA BA RATE HANG HAHOLO BA HAE.

Hase ntho e tšoanang le ho ba khopo,

bona ba kang ‘moko o fefoloang ke moea ;

hobane Morena o tseba tsela ea ba lokileng,

athe tsela ea ba khopo ea timetsa.

E-BANG BAETSISI BA MOLIMO KA HA LE

BANA BA RATE HANG HAHOLO BA HAE.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka. (13:10-17)

”Athe morali enoa oa Abraharna, e ne e se tšoanelo hore

a lokolloe tlamong eo ka sabbatha na?

Ka nako eo, Jesu o n’a ruta tlung ea thapelo ea Bajodi, ka Sabbatha. Ho ne ho le teng moo mosali e mong, eo ka lilemo tse leshome le metso e robeli, a neng a kenoe ke moea o nong o mo holofalitse. O n’a s’a khutlaletse,

a sitoa ho inamoloha le hanyenyane. Eitse ha Jesu a ‘mona, a ‘miletsa ho eena, ‘me a re ho eena: Mosali, u Iokolotsoe kholofalong ea hao. A nt’o ‘meha matsoho holimo, ‘me ka nako le motsotso, mosali a inamoloha

‘me a tlotlisa Molimo.

Eaba motsamaisi oa ntlo ea thapelo oa halefa, kahobane Jesu o n’a folisitse ka sabbatha. A bolella batho, a re: Matsatsi a tšeletseng a teng ao ka ‘ona ho lokeloang ho sebetsa. Le tle ka ‘ona ho folisoa, e seng ka letsatsi la sabbatha. Empa Morena a mo fetola, a re: Baikaketsi!

Hleka e mong le e mong oa lona a ke ke a lokolla khomo ea hae kapa esele sejelong ka sabbatha, ho Ii noesa na? Athe morali enoa oa Abrahama, eo e seng e le lilemo tse leshome le metso e robeli, a tlamiloe ke satane e ne e se tšoanelo hore a lokolloe tlamong eo ka sabbatha na? Ha a nts’a bua joalo, bahanyetsi ba hae ba hlajoa ke lihlong, ‘me sechaba kaofela sa thabela tsohle tse tlotlehang tse neng Ii etsoa ke eena.

Vinkmag ad

Read Previous

La 24 Mpahalane 2026

Most Popular