Beke ea 19 har’a selemo
Laboraro
Ho baloa Bukeng ea Moprofeta Ezekiele. (9:1-7.10:18-22)
“U tšoaee liphatleng ka sefapano batho ba feheloang ka baka la tse nyonyehang tse etsoang Jerusalema.”
Morena o ile a hooa ka lentsoe le matla moo ke ntseng ke utloa, a re: Tlohong koano, lona ba lokelang ho otla metse, e mong le e mong a tle a nkile lihlomo tsa ho ripitla.
Ke ha ke bona ho e-tla banna ba tšeletseng, ba hlaha monyako o kaholimno, o shebileng ka nq’a Leboea, e mong le e mong a nkile lihlomo tsa ho timetsa. Kahar’a bona ho n’o e-na le monna e mong ea apereng tsa line, a tlameletse lenaka la enke thekeng. Ba fihla, ba ema pel’a aletare ea koporo.
Eaba letlotlo la Molimo oa Israele le tloha holim’a bo-Kerubime moo le neng le le teng, ‘me le leba monyako oa Tempele. Morena a bitsa monna ea apereng tsa line ea tlameletseng lenaka la enke thekeng, a re ho eena: e-ea le motse oa Jerusalema, u tšoaee liphatleng ka sefapano batho ba feheloang ‘me ba bobolang ka baka la tse nyonyehang tse etsoang har’a oona.
Ka utloa a re ho ba bang : E-eang le motse, le mo setse morao, le bolaee ntle le mohau le sa qenehele letho. Bolaeang, le timetse bohle. Leha e ka ba maqheku, bahlankana kapa baroetsana, bana ba banyenyane kapa basali. Empa le se ke la ama ba tšoailoeng ka sefapano. Le qale sehalalelong sa ka. Eaba ba qala ka maqheku a neng a le ka pel’a Tempele.
A re hape: Silafatsang Tempele ka ho tlatsa mabala a eona litopo, le be le tsoe, le e’o bolaea ba motseng. Joale letlotlo la Morena la khutla monyako oa Tempele la tla ema holim’a bo-Kerubime.
Eaba bo-Kerubime ba otlolla mapheo a bona, ba phahama fatše moo ke ntseng ke ba bona, ba tloha moho le mabili a bona. Ba ema monyako o ka nq’a Bochabela oa Tempele ea Morena, ‘me letlotlo la Molimo oa Israele le ne le le holim’a bona. Tsena ke tsona libopuoa tse phelang tseo ke ileng ka li bona li le tlas’a Molimo oa Israele, nokeng ea Kebare. Ka tseba hore ke bo-Kerubime.
E mong le e mong o n’a e-na le lifahleho tse ‘ne le mapheo a mane; ‘me tlas’a mapheo ho n’o e-na le ho kang matsoho a motho. Ha e le sebopeho sa lifahleho tsa bona, e n’e le tsona tsane tseo ke ileng ka li bona nokeng ea Kebare. E mong le e mong o n’a tsamaea, a leba moo sefahleho sa hae se neng se shebile teng.
PESALEMA 112
LETLOTLO LA MORENA LE FETA MAHOLIMO
Lona, bahlanka ba Morena, rorisang,
rorisang lebitso la Morena.
Ho bokoe lebitso la Morena,
ho tloha joale ho isa khale.
LETLOTLO LA MORENA LE FETA MAHOLIMO
Ho tloha bochabela ho isa bophirima,
ho rorisoe lebitso la Morena.
Morena ke eena ea phahametseng lichaba tsohle,
letlotlo la hae le feta maholimo.
LETLOTLO LA MORENA LE FETA MAHOLIMO
Ke mang ea joaloka Morena Molimo oa rona
ea lulang holimo-limo,
ea inamang ho sheba maholimo le lefatše.
LETLOTLO LA MORENA LE FETA MAHOLIMO
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (18:15-20)
“Ha a u mamela, e tla ba u pholositse ngoan’eno.”
Ka nako eo, Jesu a re ho barutuoa ba hae: Ekare ha ngoan’eno a u sitetsoe, e-ea ‘me u mo khalemele moo le leng babeli feela. Ha a u mamela, e tla ba u pholositse ngoan’eno. Ha a sa u mamele, u inkele paki e le ‘ngoe kapa tse peli, hore taba eohle e tle e lokisoe ka bopaki ba batho ba babeli kapa ba bararo. Ha a sa ba mamele, hlahisa taba ena phuthehong. Haeba a sa mamele esita le phutheho, u mo talime joaloka mohedene kapa mokhafisi.
Ka ‘nete ke re ho lona, tsohle tseo le tla li tlama lefatšeng, li tla tlangoa le leholimong, ‘me tsohle tseo le tla li lokolla lefatšeng, li tla lokolloa le leholimong.
Hape, ke re ho lona, haeba ba babeli ba lona mona lefatšeng, ba utloana ho kopa eng kapa eng, ba tla e nehoa ke Ntate ea maholimong. Efela moo ba babeli kapa ba bararo ba phuthehetseng teng ka lebitso la ka ke teng har’a bona.
