Beke ea 19 har’a selemo
Labone
Ho baloa Bukeng ea Moprof eta Ezekiele. (12:1-12)
“U falle motšeare, moo ba ntseng ba u bona.”
Lentsoe Ia Morena le ile la mphihlela, Ia re: Mor’a motho, u ahile har’a leloko lena la bafetoheli, ba nang le mahlo a ho bona empa ba sa bone, ba nang le litsebe tsa ho utloa, empa ba sa utloe; hobane ruri ke leloko la bafetoheli.
Ha e le uena, mor’a motho, tlama thoto joaloka ea isoang kholehong, u falle motseare, moo ba ntseng ba u bona. Falla qalong eo u phelang ho eona, u fallele ho e ‘ngoe, moo ba ntseng ba u bona. Mohlomong ba tla elelloa hore ke ba leloko la bafetoheli.
Ntšetsa thoto ea hao kantle, motseare, moo ba ntseng ba u shebile, e ke thoto ea motho e isoang kholehong. Joale, mantsiboea moo ba ntseng ba u bona, u tlohe hae joaloka ea isoang kholehong.
Moo ba ntseng ba u shebile, u phunye lesoba lerakong, u b’u tsoe ka Iona. Hape, moo ba ntseng ba u bona, u akhele thoto mahetleng, ‘me u tlohe ka shoalane, u ikhurumelitse sefahleho, u tl’u se ke ua bona naha; hobane ke u etsa pontšo ho ba ntlo ea Israele.
Ka etsa kamoo ke laetsoeng kateng. Ka ntšetsa thoto ea ka kantle, motseare, e ka thoto ea motho ea isoang kholehong; ‘me mantsiboea ka phunya lesoba ka matsoho lerakong. Ka shoalane ka tloha ke jere thoto mahetleng, moo ba ntseng ba nchebile.
Ka le hlahlamang hoseng, lentsoe la Morena la mphihlela, la re: Mor’a motho, ha ke re ba ntlo ea Israele, e leng ba leloko la bafetoheli, ba ile ba u botsa, ba re: U etsa’ng? E-re ho bona: Ke sena seo Morena Molimo a se bolelang: Bo profeta bona bo lebane le Jerusalema le bohle ba ntlo ea lsraele ba hona teng.
U ba bolelle hore u pontšo ho bona. Joaloka ha u entse, ho tla etsoa joalo ho bona. Ba tla fallisetsoa kholehong. Khosana ea bona e tla akhela thoto mahetleng ka shoalane, e tsamaee. Ho tla phunngoa lesoba lerakong, e tle e tsoe le teng. E tla ikhurumetsa sefahleho, e tle e se ke ea bona naha ka mahlo.
PESALEMA 77
LE SE KE LA LEBALA LIKETSO TSA MORENA.
Ba leka Molimo Ea holimo-Iimo ka ho se mamele,
ba se ke ba latela litemoso tsa hae.
Ea e-ba bakoenehi le baeki joaloka bo-ntat’a bona,
ba tjeka joaloka seqha se itebelang hosele.
LE SE KE LA LEBALA LIKETSO TSA MORENA.
Ba mo phephetsa ka Iiqalo tse phahameng tsa bona,
ba tsosa poulelo ea hae
ka litšoantšo tsa melimo ea bohata.
Ha Molimo a utloa hoo, a tlala khalefo,
a Iahla Israele kherehloa.
LE SE KE LA LEBALA LIKETSO TSA MORENA.
A tlohella pontšo ea matla a hae ho isoa kholehong,
le letlotlo la hae ho oela liatleng tsa lira.
A nehella sechaba sa hae sabole,
a halefela lefa la hae haholo.
LE SE KE LA LEBALA LIKETSO TSA MORENA.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus (18;21-19,1)
“Ha ke re u tšoarele ho isa bosupeng, empa ho isa ha mashome a supileng a metso e supileng.”
Ka nako eo, Peterosi a tla ho .J esu a re: Morena, ngoan’eso a ka mphosetsa hakae, ke ntse ke mo tšoarela na? Ho isa bosupeng na? Jesu a re ho eena: Ha ke re ho isa bosupeng, empa ho isa ha mashome a supileng a metso e supileng.
Ka baka leo ‘Muso oa Maholimo o tšoantšoa ka morena ea ratileng ho lokisa tsa melato ea bahlanka ba hae. Eitse ha a qala ho lokisa, a tlisetsoa e mong ea nang le molato le eena oa litalenta tse likete li leshome. ‘Me
e re kaha a n’a se na hoo a ka lefang ka hona, mong’a hae a laela hore a rekisoe, hammoho le mosali oa hae le bana ha hae, le tsohle tseo a nang le tsona, a lefe.
Empa mohlanka eo a itihela maotong a hae, a re: Ak’u iphapanyetse ‘na, ‘me ke tla u lefa tsohle. Monghali a utloela mohlanka oa hae bohloko, a mo lokolla, ‘me a mo tšoarela molato. Eare hoba mohlanka eo a tsoe, a fumana e mong oa balekane ba hae ea neng a e-na le molato oa Iidenare tse lekholo ho eena. A b’a s’a mo tšoara a mo khama, a re: Lefa molato oa hao. Empa molekane oa hae a itihela maotong a hae, a mo rapela, a re: A’ku iphapanyetse ‘na, ‘me ke tla u lefa tsohle. Mohlanka eo a hana, ‘me a ea, a mo kenya chankaneng ho fihlela a ha a lefa molato. Balekane ba hae, ha ba bona tse etsahetseng, ba soaba haholo, ‘me ba tla phetela morena oa bona tsohle tse hlahileng.
Eaba mong’a hae oa ‘mitsa, o re ho eena: Mohlanka e mobe, ke u tšoaretse molato oa hao oohle, hobane u ile ua nthapela. Ana e ne e se tšoanelo hore le uena u hauhele molekane oa hao, joaloka ha le ‘na ke u hauhetse? ‘Me mong’a hae a halefa haholo, a mo nehela bahlokofatsi ho fihlela a lefa molato kaofela.
Ntate ea maholimong o tla le etse joalo, ha e mong le e mong oa Iona a sa tšoarele ngoan’abo ka pelo eohle ea hae.
Ha Jesu a qetile lipolelo tseo, a tloha Galilea, a tla karolong ea Judea e ka mose ho Jordane.
