Beke ea 12 har’a selemo
Labotšelela
Ho baloa Bukeng ea Koli-ea-malla. (2:2.10-14.18-19)
“Hoeheletsa ho Morena, u bobole, morali oa Sione.”
Ntle le mohau Morena o ripitlile meaho eohle ea Jakobo; bohaleng ba hae a heletsa qhobosheane tsohle tsa morali oa Juda; ka thohako a lihela fatše borena le mahosana.
Baholo ba morali oa Sione ba Iutse fatše ba thotse, ba itšetse ka molora hlohong, ba apere tse mahoashe. Baroetsana ba Jerusalema ba inametse fatše ka lihloho.
Mahlo a ka a choachoasela ke ho Ila, likahare tsa ka lia bela, nyoko ea ka e qhalanetse fatše, ka baka koluoa ea morali oa chaba sa heso, ha masea le bana ba akheha mapatlelong a motse.
Ba itela ho bo-‘m’a bona, ba re: “Bohobe bo kae?” Ba rialo ba ntse ba ea le maili-ili, joaloka ba kobesitsoeng, mapatlelong a motse, ba nehela moea ba sikiloe ke bo ‘m’a bona.
Nka u bapisa kapa ka u tšoantsa le eng, uena morali oa Jerusalema? Ke mang ea ka u tšelisang ka ho u pholosa, uena moroetsana, morali oa Sione? Hobane koluoa ea hao e kholo joaloka leoatle; ke mang ea ka
u folisang?
Baprofeta ba hao ba bile le lipono tsa bohata le tsa bothoto malebana le uena; ha ba ka ba u bontša molato oa hao ho u phemisa kotlo; ba u boleletse boprofeta ba bohata le ba thetso.
Hoeletsa ho Morena, u bobole, morali oa Sione; u ntše liphororo tsa meokho nyene le bosiu; u se iphetšoea, mahlo a hao a se ome meokho.
Tsoha, u hooe le bosiu qalehong ea karolo e ‘ngoe le e ‘ngoe ea bona; u phetlele Morena pelo ea hao, e tolohe joaloka metsi; phahamisetsa matsoho a hao ho eena ho rapella bophelo ba bana ba banyenyane ba hao.
PESALEMA 73
U SE KE UA LEBALA BOPHELO BA MAFUTSANA A HAO
HO-EA-HO-ILE.
Morena, u re lahletse’ng ho-ea-ho-ile?
Ke’ng ha khalefo ea hao
e befetse mohlape oa makhulo a hao?
Hopola phutheho ea hao eo e Ieng Ieruo Ia hao Ia khale,
eo u itopolletseng eona, moloko oo e Ieng lefa Ia hao.
U SE KE UA LEBALA BOPHELO BA MAFUTSANA A HAO
HO-EA-HO-ILE.
Leba Iithakong tsa khale;
sera se ripitlile tsohle ka Sehalalelong.
Ba ne ba ka ea kenyang selepe
morung oa Iifate.
U SE KE UA LEBALA BOPHELO BA MAFUTSANA A HAO
HO-EA-HO-ILE.
Ba pshatla ka likoto le likoakoa
likhabiso tse betliloeng.
Ba hotetsa Sehalalelo sa hao ka mollo, Morena,
ha heletsa ‘me ba tlontlolla moaho
o neng o bitsoa ka uena.
U SE KE UA LEBALA BOPHELO BA MAFUTSANA A HAO
HO-EA-HO-ILE.
Hopola selekane sa hao,
hobane maphao ‘ohle a naha a tletse bokebekoa.
Ea hateletsoeng a se ke a boela a tlontlolleha,
mofutsana le mohloki ha ke ba rorise lebitso la hao.
U SE KE UA LEBALA BOPHELO BA MAFUTSANA A HAO
HO-EA-HO-ILE.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (8:5-17)
“Ba bangata ba tla tsoa bochabela le bophirimela, ba be lijong le Abrahama, lsaaka le Jakobo.”
Ka nako eo, hoba Jesu a kene Kafarnauma, molaoli e mong oa lekholo a tla ho eena, a mo rapela, a re: Morena, mohlanka oa ka o liphateng ka tlung ea ka ke ho omella litho, ‘me o opeloa haholo. Jesu a re ho eena:
Ke tla tla mo folisa.
Molaoli oa Iekholo a fetola, a re: Morena, ha ke tšoanele bore u kene ka tlung ea ka; u mpe u laela feela, ‘me mohlanka o tla fola. Hobane Ieha ke le motho ea tlas’a taolo, le ‘na ke na le masole a tlas’a ka, ‘me ha ke re ho lena:”e-ea”, le ee le ee, le ho le Ieng: “tloo,” le ee le tle, le ho mohlanka oa ka, “etsa tjena,” o’a etse.
Ha Jesu a mo utloa, a makala, a re ho ba mo latetseng: Ruri kea le bolella, ha ke e-s’o ka ke fumana tumelo e kana ho mang kapa mang Israeleng. Joale kea le bolella: ba bangata ba tla tsoa bochabela le bophirimela,
ba be Iijong le Abrahama, Isaaka le Jakobo, ‘Musong oa maholimo. Ha e le bana ba ‘Muso, ba tla lahleloa kantle lefifing; moo ho tla ba le seboko le litsikitlano tsa meno.
Eaba o re ho molaoli oa lekholo; Ikele, u etsetsoe joaloka ha u lumetse. ‘Me mohlanka a fola ka oona motsotso oo. Ha Jesu a kena ha Peterosi, a bona mohoehali oa hae a le liphateng a tšoeroe ke feberu. A mo ama Ietsoho, feberu ea mo tlohela, a tsoha, a nt’o sebeletsa Jesu. Eare ha e se e le mantsiboea, ha tlisoa ho Jesu ba bangata ba tšoenngoang ke bademone. Eaba o leleka meea eo ka lentsoe la hae ‘me a folisa bakuli bohle; hore ho tle ho phethahale se neng se ile sa boleloa ke
moprofeta Isaia, ha a re : O inketse mefokolo ea rona, a itjarisa maloetse a rona.
