Vinkmag ad

La 10 Mphalane 2026

Beke ea 27

Labotšelela

Ho baloa Lengolong la Moapostola Paulosi ho Ba-Galata (3:22-29)

“Bohle le bana ba Molimo ka tumelo.”

Bana beso! Mangolo a boletse hore lefatše lohle le matleng a sebe, hore ba lumelang ba fumane se baletsoeng ka tumelo ho Jesu Kreste. Pele nako ea tumelo e fihla, re ne re koaletsoe ke Molao, re boloketsoe tumelo e tlang ho senoloa.

Ka baka leo Molao ebile moholisi oa rona hofihlela ha Kriste a e tla, re tle re etsoe ba lokileng ka tumelo. Empa e re kaha nako ea tumelo e se e fihlile ha re sa le kalosong ea moholisi.

Bohle le bana ba Molimo ka tumelo ho Kriste Jesu. Hobane lona bohle ba hlatsoitsoeng ho Kriste, le apere Kriste.

Ha ho sa le Mojudi le haele mogereki, ha ho sa le lekhoba le ha e le ea lokolohileng, ha ho sa le e motona le ha e le e motšehali; hobane bohle le ntho e le ‘ngoe ho Kriste Jesu.

Joale ha le le ba Kriste, ka hona le litloholo tsa Abrahama, ‘me le tla amohela seo Molimo a le baletseng sona.

PESALEMA 104

MORENA HA A LEBALE SELEKANE SA HAE LE KA MOHLA

Binelang, Morena le mo roke,

le inahane ka tsohle tse tsotehang tsa hae.

Ithoriseng ka lebitso le halalelang la hae,

lipelo tsa ba batlang Morena li ke li thabe.

MORENA HA A LEBALE SELEKANE SA HAE LE KA MOHLA

Batlang Morena le matla a hae,

thahasellang sefahleho sa hae ho se khaotso,

se lebaleng tse tsotehang tseo a li entseng,

limakatso tsa hae le likahlolo tse tsoang molomong oa hae.

MORENA HA A LEBALE SELEKANE SA HAE LE KA MOHLA

Lona, lesika la Abrahama, mohlanka oa hae,

lona, bana ba Jakobo, mokhethuoa oa hae.

Ke eena Morena Molimo oa rona

likahlolo tsa hae li aparela lefatše.

MORENA HA A LEBALE SELEKANE SA HAE LE KA MOHLA

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka. (11:27-28)

“Ho lehohonolo popelo e ileng ea u jara. Ho lehlohonolo ho feta ba utloang lentsoe la Molimo.”

Ka nako eo, Jesu ha a nts’a bua le matšoele, mosali e mong a phahamisa lentsoe a le har’a letšoele, a re ho eena: Ho lehlohonolo popelo e ileng ea u jara, le matsoele ao u a antseng. Empa Jesu a re: Koana ba lehlohonolo ho feta, ke ba utloang lentsoe la Molimo, ba bile ba le boloka.

Vinkmag ad

Read Previous

La 9 Mphalane 2026

Most Popular