La 7 Mphalane 2026
Beke ea 27 Har’a selemo
Laboraro
Ho baloa Bukeng es Moprofeta Zakaria. (2:10-13)
“U ithabele, morali oa Sione, ke ‘na eo, kea tla.”
Hlaba molilietsane, u ithabele, uena morali oa Sione, hobane ke ‘na eo, ke tlil’o aha ka hare ho uena, ho rialo Morena. Tsatsing leo, lichaba tse ngata li tla khomarela Morena, e tla ba sechaba sa hae, empa eena o tla ‘ne a ahe kahare ho uena. Ka hona u tla tseba hore ke Morena oa makhotla ea nthometseng ho uena.
Morena o tla ‘ne a nke Juda e le leruo la hae lefatšeng le halalelang, a boele a ikhethele Jerusalema e le motse oa hae. Batho bohle ba ke ba khutse pel’a Morena, hobane o tsohile, oa tla, o tsoa moahong o halalelang oa hae.
PESALEMA (I Sam. 2:1.4-8.)
PELO EA KA E THABETSE MORENA.
Pelo ea ka e thabetse Morena,
ke tsoha molota ka baka la Molimo oa ka.
Ke tlepa lira tsa ka litšeho,
hobane ke thabetse pholoho ea hao.
PELO EA KA E THABETSE MORENA.
Liqha tsa bahale li robehile,
athe ba fokolang ba itlamme thekeng ka matla.
Ba neng ba khora ba ikhirisetsa lijo;
athe ba neng ba lapa ha ba sa hloka ho sebetsa.
PELO EA KA E THABETSE MORENA.
Morena o laola lefu le bophelo,
o theolela Qalong-ea-bafu, a be a inole.
Morena oa futsanehisa ‘me oa ruisa;
oa kokobetsa, a be a phahamise.
PELO EA KA E THABETSE MORENA.
O ntša mofutsana litholeng,
o nyolla mohloki thotobolong,
ho mo beha har’a mahosana
le ho mo fa setulo sa hlompho.
PELO EA KA E THABETSE MORENA.
Ho baloa Lengolong la Moapostola Paulosi ho Ba-Roma. (5:12.17-19)
“Moo sebe se ngatafetseng, grasia e ngatafetse ka ho fetisa.”
Bana beso! Sebe se kene lefats’eng ka motho a le mong, le lefu ka sebe; ‘me ka tsela ena lefu le fetetse ho batho bohle, ka ha bohle ba entse sebe. Ka baka leo, joaloka ha phoso ea motho a le mong e isitse batho bohle tsuong, ka mokhoao ts’oanang ketso e lokileng ea motho a le mong e isitse batho bohle tokollong e isang bophelong. Hobane, joaloka ha ba bangata ba entsoe baetsalibe ka ho se mamele ha motho a le mong, ka mokhoa o tsoanang ka ho mamela ha motho a le mong ba bangata ba tla etsoa ba lokileng.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka. (1:26-38)
“Bona, u tla emola popelong, u belehe mora.”
Khoeling ea botšelela, lengeloi Gabriele la romeloa ke Molimo motseng oa Galilea o bitsoang Nazaretha, ho Movirigo ea neng a qetsoe ke monna ea bitsoang Josefa, oa ntlo ea Davida. Lebitso la Movirigo e ne e le Maria.
Lengeloi la fihla ho eena, la re: Ahe, ea tlotliloeng haholo, Morena o na le uena: u lehlohonolo har’a basali. A ferekanngoa ke lentsoe lena, ‘me a ipotsa hore na tumeliso ena e bolela’ng.
Eaba lengeloi le re ho eena: Se tšohe Maria, hobane u fumane mohau ho Molimo. Bona, u tla emola popelong, u belehe mora, ‘me u tla mo reha lebitso la Jesu. O tla ba moholo, a bitsoe Mora oa Ea holimo-limo.
Morena Molimo o tla mo neha terone ea Davida ntat’ae; o tla rena holim’a ntlo ea Jakobo ka bosafeleng, ‘me borena ba hae ha bo ka ke ba e-ba le bofelo.
Maria a re ho lengeloi: Hoo ho tla etsahala joang, ha e le moo ke sa tsebe monna? Lengeloi la araba, la re ho eena: Moea o halalelang o tla theohela ho uena, ‘me matla a Ea holimo-limo a tla u haeletsa. Ka baka leo Ea halalelang ea tla belehuoa ke uena o tla bitsoa Mora oa Molimo. Le eena Elisabetha, mohaeno, o emotse mora botsofaling ba hae, ‘me ena ke khoeli ea botšelela ho eo ea neng a bitsoa nyopa; hobane ha ho letho le ka sitang Molimo.
Ke ha Maria a re: Ke ‘na enoa lekhabunyane la Morena; ha ho ke ho etsoe ho ‘na ka ho ea ka polelo ea hao. ‘Me lengeloi la mo siea.
