Beke ea 27 har’a selemo
Labone
Ho baloa Lengolong la Moapostola Paulosi ho Ba-Galata. (3:1-5)
“Na le amohetse Moea ka ho phetha mesebetai ea molao kapa ka ho lumela seo le se ratiloeng?”
Lona Ba-Galata ba lithoto, ke mang ea le khelositseng tjena? Empa Jesu Kriste ea thakhisitsoeng o ile a tšoantšoa mahlong a lona! Ke rata ho tseba ntho e le ‘ngoe feela ka lona: Na le amohetse Moea ka ho phetha mesebetsi ea Molao kapa ka ho lumela seo le se rutiloeng?
Le thotofetse hakakang, ha e le moo le qalile ka Moea, empa joale le qetella ka nama! Ana le mameletse mahloko a makalo feela, ha eba ehlile ke ka lefeela? Haho le joalo, ea le abelang Moea ‘me ea etsang mehlolo har’a lona, na o etsa joalo hobane le phetha mesebetsi ea Molao kapa hobane le lumela seo le se rutiloeng?
PESALEMA (Lk. 1:69-75. R. 68)
HO BOKOE MORENA MOLIMO OA ISRAELE HOBANE O ETETSE SECHABA SA HAE.
Morena o re hlometse matla a pholoho
tlung ea Davida, mohlanka oa hae,
joaloka ha a n’a boletse ka molomo oa bahalaleli,
e leng baprofeta ba hae ba mehla ea khale.
HO BOKOE MORENA MOLIMO OA ISRAELE HOBANE O ETETSE SECHABA SA HAE.
Ke pholoho ho rona lireng tsa rona,
liatleng tsa bohle ba re hloileng.
Ena ke ketso ea mohau ho bo-ntat’a rona,
ke khopotso ea selekane se halalelang sa hae.
HO BOKOE MORENA MOLIMO OA ISRAELE HOBANE O ETETSE SECHABA SA HAE.
Ke kano eo a e hlapanyelitseng
Abrahama, ntat’a rona,
ea hore o tla re ntša liatleng tsa lira tsa rona,
a etse hore re mo sebeletse, re sa tšabe letho,
ka khalalelo le ka ho loka,
re le pel’a hae ka litšiu tsohle tsa rona.
HO BOKOE MORENA MOLIMO OA ISRAELE HOBANE O ETETSE SECHABA SA HAE.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka. (11:5-13)
“Kopang, le tla fuoa’.
Ka nako eo, Jesu a re ho barutuoa ba hae. Mohlomong e mong oa lona o na le motsoalle, eo a eang ho eena ka seroko, a re: Motsoalle, nkalime mahobe a mararo, hobane motsoalle oa ka o mphapohetse a etsoa leetong, ‘me ha ke na seo nka mo fang sona! E be eena o mo araba a le ka tlung, o re: U se ke ua nkhathatsa; monyako o se o koetsoe, rona le bana ba ka re robetse, nke ke ka tsoha ho u fa. Joale kea le bolella, leha a ke ke a tsoha ho mo fa hobane ke motsoalle oa hae, o tla tsoha ka baka la ho khathatsa ha hae, a mo fe tsohle tseo a li hlokang.
Le ‘na ke re ho lona: Kopang, le tla fuoa; batlang le tla fumana; kokotang le tla buleloa. Hobane mang le mang ea kopang oa fuoa; ea batlang oa fumana ‘me e kokotang o tla buleloa.
Ke mang oa lona eo e leng ntata, eo ekareng ha mora oa hae a mo kopa hlapi, eaba o mo fa noha bakeng sa hlapi na? Kapa ha a mo kopa lehe, ebe o mo fa phepheng na?
Ha esita le lona le leng babe, le tseba ho fa bana ba lona tse molemo, Ntat’a lona ea leholimong o tla fana hakakang ka Moea o Halalelang ho ba mo kopang!
