Beke ea 12 har’a selemo
‘Mantaha
Ho baloa bukeng ea Bobeli ea Likhosi. (17:5-8.13-18.18)
”Morena a tlosa Israele pel’a sefahleho sa hae, ha sala leloko la Juda feela.”
Matsatsing ao, Khosi ea Assiria ea ikhapela naha eohle. Ha e fihla Samaria, ea e lika-liketsa ka mabotho lilemo tse tharo. Ka selemo sa borobong sa puso ea Hoshea, khosi ea Assiria ea hapa Samaria. Ke ha e isa ba-Israele kholehong Assiria, ea ba beha Halahe, le Habore, noka ea Gozane, le metseng ea ba-Mede.
Tsena tsa etsahala hobane bana ba Israele ba ne ba sitetsoe Morena, Molimo oa bona, ea neng a ba ntšitse naheng ea Egepeta, matsohong a Faro, khosi ea Egepeta. Ba ne ba ile ba khumamela melimo esele, ‘me ba latela meetlo ea lichaba tseo Morena a neng a li hlekile pel’a bona.
Empa Morena o n’a nts’a khalemela Israele le Juda ka baprofeta le ka liboni tsohle tsa hae, a re: Khutlang metsamaong ea Iona e mebe, le boloke melao le litaelo tsa ka, le Iatele Molao oohle oo ke o behetseng bo-ntat’a lona, oo ke o rometseng ho Iona ka bahlanka ba ka, baprofeta.
Leha ho le joalo, ha b’a ka ba mamela; ba ba manganga joaloka bo-ntat’a bona, ba sa kang ba lumela ho Morena, Molimo oa bona. Ba nyelisa litaelo tsa hae, le selekane seo a neng a se hlabile le bo-ntat’a bona, le likhalemo tseo a neng a ba etselitse tsona. Ka baka leo, Morena a halefela ba-Israele hampe, a ba tlosa pel’a sefahleho sa hae. Ke ha ho tla sala leloko la Juda feela.
PESALEMA 59
U RE PHOLOSE KA LETSOHO LA HAO, ‘ME U RE ARABE, OHO MORENA.
Molimo, u re lahlile, u re pitlile;
u n’u halefile; joale ak’u khutlele ho rona.
U sisintse lefatše, ‘me u le patsotse;
thiba likheo tsa Imm, hobane lea khephoha.
U RE PHOLOSE KA LETSOHO LA HAO, ‘ME U RE ARABE, OHO MORENA.
U bontšitse, sechaba sa hao mathata a maholo,
u re noesitse veine e tšoarisang molikoa-likoane.
Ebe ha se uena u re lahlileng, Molimo,
ha se uena u seng u sa tsamaise mabotho a rona?
U RE PHOLOSE KA LETSOHO LA HAO, ‘ME U RE ARABE, OHO MORENA.
Re thusetse lireng tsa rona,
hobane pholoho e tsoang ho motho ke lefeela.
U RE PHOLOSE KA LETSOHO LA HAO, ‘ME U RE ARABE, OHO MORENA.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (7:1-5)
“Qala ka ho ntša sekoqo leihlong la hao.”
Ka nako eo, Jesu a re ho barutuoa ba hae: Le se ke la ahlola ba bang hore le tle le se ke la ahloloa; hobane le tla ahloloa ka kahlolo eo le ahlolang ka eona, ‘me le tla lekanyetsoa ka tekanyo eo le lekanyang ka
eona. Ke ka baka la’ng ha u talima pepa e leihlong la oa heno, u mpa u sa lemohe sekoqo se leihlong la hao?
Kapa u ka bolella oa heno joang, ua re: E re ke ntše pepa leihlong la hao, athe sekoqo ke seno leihlong la hao? Moikaketsi, qala ka ho ntša sekoqo leihlong la hao, u tle u tsebe ho bona hantle e be u ntša pepa leihlong la oa heno.
