Vinkmag ad

La 23 Phupjane 2026

Beke ea 12 har’a selemo

Labobeli

Ho baloa Bukeng ea Bobeli ea Likhosi. (19:9-11.14-21.31-36)

“Ke tla sireletsa motse ona, ke o pholose ka baka la ka le ka baka la Davida.”

Matsatsi ao, Sennakeribe, khosi ea Assiria, a romela maqosa ho Hezekia, a re: Le bolelle Hezekia, khosi ea Juda, le re: Molimo oa hao eo u mo tšepileng a se ke a u thetsa ka ho re: Jerusalema e ke ke ea oela liatleng tsa khosi ea Assiria. Le uena u ikutloetse seo likhosi tsa Assiria li se entseng linaheng tsohle, ka ho li ripitla. Ebe uena u hopola hore u tla pholoha?

Hezekia a nka lengolo matsohong a maqosa, a le bala. A nyolohela Tempeleng ea Morena, a fihla a le phutholla ka pele ho Morena. Hezekia a rapela Morena, a re:

Morena, Molimo oa Israele, uena ea lutseng holim’a likerubime, ke uena Molimo u inotsi oa mebuso eohle ea lefatše, u entse maholimo le lefatše. Sekeha tsèbè, Morena, u utloe! Tutubolla mahlo, Morena, u bone! Ak’u utloe mantsoe ao Sennakeribe a a ngotseng ho hlapaola Molimo ea phelang ka ‘ona.

Ke ‘nete Morena, likhosi tsa Assiria li ripitlile lichaba le mafatše a tsona: li akhetse melimo ea lichaba tseo mollong, hobane e n’e se melimo, empa e n’e le mosebetsi oa matsoho a batho, lifate le majoe: ka hoo li e felisitse.

Joale, Morena, Molimo oa rõna, ak’u re pholose matsohong a hae, e le hore mebuso eohle ea lefatše e tle e tsebe hore uena Morena, u Molimo u inotši

Eaba Isaia, mor’a Amose o romela ho Hezekia, o re: Ke sena seo Morena, Molimo oa Israele a se bolelang: Ke utloile kamoo u ithapeletseng ho ‘na kateng mabapi le Sennakeribe, khosi ea Assiria. Ke ena polelo eo Morena a mo tsoang ka eona: Moroetsana, morali oa Sione, oa u nyelisa, oa u soma; morali oa Jerusalema o u sisinyetsa hloho.

Hobane masalla a tla tsoa Jerusalema, ba phonyohileng ba tla tsoa thabeng ea Sione: poulelo ea Morena a makhotla e tla etsa joalo. Ka baka leo ke sena seo Morena a se bolelang mabapi le khosi ea Assiria: E ke ke ea kena motseng ona, leha e le ho o betsa ka motsu, leha e le ho o tamela ka thebe, kapa ho etsa tutulu pel’a oona. E tla khutla ka eona tsela eo e tlileng ka eona e ke ke ea kena motseng ona: ho rialo Morena. Ke tla sireletsa motse ona, ke o pholose ka baka la ka le ka baka la Davida, mohlanka oa ka.

Bosiung bona boo, lengeloi la Morena la tsoa, la bolaea batho ba likete tse lekholo le mashome a robeli a metso e mehlano liahelong tsa ba-Assiria. Hoseng, ha ho tsohuoa, e n’e s’e le litopo feela. Joale Sennakeribe, khosi ea Assiria, a tloha, a khutlela hae, a ea lula Ninive.

PESALEMA 47

MOLIMO O TIISA MOTSE OA HAE KA MEHLA

Morena o moholo, o lokeloa ke thoriso e kholo,

motseng oa Molimo oa rõna.

Thaba e halalelang ea hae e phahame hamonatjana,

ke thabo ea lefatše lohle.

MOLIMO O TIISA MOTSE OA HAE KA MEHLA

Thaba ea Sione, e ntlheng e ka Leboea,

ke motse oa Khosi e kholo.

Molimo ea ahileng matlung a borena

o iponts’itse e le qhobosheane.

Hobane Marena a kile a utloana;

a futuha a le ‘moho.

MOLIMO O TIISA MOTSE OA HAE KA MEHLA

Re ikhopotsa mohau oa hao, Molimo,

ha re le ka tempeleng ea hao.

Thoriso e lokelang lebitso la hao, Molimo,

e fihla pheletsong tsa lefatše;

letsoho la hae le sebetsa toka.

MOLIMO O TIISA MOTSE OA HAE KA MEHLA

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (7:6.12-14)

“Tsohle tseo le ka ratang hore batho ba le etse tsona, le lona le ba etse tsona.”

Ka nako eo, Jesu a re ho barutuoa ba hae: Le se ke la neha lintja lintho tse halalelang, leha e le ho lahlela mabenyane a lona likolobeng, esere mohlomong tsa a hatakela ka maoto, tsa ba tsa boeana le lona, tsa le harola.

Ha ho le joalo tsohle tseo le ka ratang hore batho ba le etse tsona, le lona le ba etse tsona: ke ona Molao le Baprofeta.

Kenang ka monyako o patisaneng; hobane o batsi monyako, ‘me e sephara tsela e isang timelong, ‘me ba kenang ka eona ba bangata. Empa monyako o patisaneng, le tsela e tšesanyane e isang bophelong, ‘me ba e fumanang ha ba bakae.

Vinkmag ad

Read Previous

La 22 Phupjane 2026

Most Popular