Kamor’a ho nyolloa ha litheko tsa mafura ho bakiloeng ke maemo a hlobaetsang a ntoa e ntseng e khupa Tikolohong e Bochabela-Bohare, Tona-Kholo Samuel Ntsokoane Matekane o entse polelo mabapi le khahlametso e entsoeng ke ‘Muso oa Lesotho ka nako ea likhoeli tse tharo, ho leka ho imolla sechaba sa Basotho maemong ana ao ba tobaneng le ona. Phatlalatso e entsoeng Maseru ka la 31 Tlhakubele monongoaha.
Tona-Kholo Matekane o boletse hore maemo ana a sa jeseng litheohelang a ntoa a amme phepelo ea lihlahisoa tsena lefatše ka bophara ‘moho le theko ea tsona. Ka hona Naha ea Lesotho ha se mokhelo litla-moraong tsena tse hanang ho ea moreting, ‘me ka lebaka la boemo bona theko ea lihlahisoa tsena e amehile.
A re theko ea parafini e ne e le M13.30 empa ka litheko tse ncha ke M26.30, ‘muso o kentse khahlametso ea M5.00 holim’a lithara ka ‘ngoe. Ka hona e theohetse ho M21.30. A supa hore theko ‘Petrol 93’ e ne e le M17.80 e se e nyolohile ka M6.70 ho ea ho M24.50. ‘Muso o namoletse Basotho ka khahlametso ea M2.00 holim’a lithara ka ‘ngoe, ‘me theko ea mapomelo e theohetse ho M22.50.
A bontša hore theko ea ‘Petrol 95’ e ne e le M17.95, e nyolohile ka M7.35 ho ea ho M25.30. Ka mokhoa o tšoanang ‘muso oa Lesotho o e ntse khahlametso ea M2.00. Ka hona theko e ncha e tla ba M23.30. A re theko ea ‘Diesel 50pp’ e ne e le M19.40 ‘me e nyolohile ka M13.00 e se e tla ba M32.50. Le hona mona ‘muso o ntse o entse khahlametso ea M2.00 holim’a lithera ka ‘ngoe. Kakaretso ea theolelo e se e le M30.50.
A hlokomelisa sechaba hore se ele hloko hore theolelo ena e fihletsoe ka ho behella ka thoko lekhetho la mafura ka hohle-hlohle e leng ka 100% nako ea likhoeli tse tharo, ‘me kahar’a nako ena ‘muso o tla lula o behile maemo leihlo.
Ka holimo ho tsohle, a re ka lebaka la nyollo tsena tlhahiso ea lijo e amehile, ‘me ‘muso o boetse ho fihletse qeto ea ho eketsa lenane la lijo tse sa khafisoeng lekhetho la theko, e leng bohobe, oli e phehang, meroho e tala le litholoana.
