Vinkmag ad

La 13 Mphalane 2026

Beke ea 28 har’a selemo

Labobeli

Ho baloa Lengolong la Moapostola Paulosi ho Ba-Galata. (4:31-5,6)

“Se nang le thuso ha se ho bolla, empa ke tumelo e e sebetsang ka lerato.”

Bana beso! Kriste o re lokolotse; re se re le batho ba nang le tokoloho. Ha ho le joalo, tiisetsang, ‘me le se ke la boela la kena tlas’a joko ea bokhoba.

Ke ‘na Paulosi ea le bolellang hore, ha le ka bolla, Kriste a ke ke a ba le thuso ea letho ho lona. Hape ke tsebisa mang le mang ea bollag hore o tlamehile ho phetha Molao kaofela. Loa ba batlang ho loka ka Molao, le ikhaohantse le Kriste; le thoko ho mohau oa Molimo.

Ha e le rona, ke ka tumelo re lebeletseng hore Moea a tla re fa ho loka hoo re ho tšepileng, etsoe ho Kriste Jesu se nang le thuso hane ho bolla kapa ho se bolle, empa ke tumelo e sebetsang ka lerato,

PESALEMA 118

MORENA MOHAU OA HAO O KE O TLE HO ‘NA.

Mohau oa hao o ke o tle ho ‘na, Morena,

le pholoho ea hao, ka ho ea ka pallo ea hao,

U se ke ua amoha molomo oa ka

polelo e nang le ‘nete,

hobane ke tšepile likahlolo tsa hao.

MORENA MOHAU OA HAO O KE O TLE HO ‘NA

Ke tla boloka Molao oa hao ho-ea-ho-ile,

ka mehla le mehla.

Ke tla itsamaela ka bolokolohi,

hobane ke batla litaelo tsa hao.

MORENA MOHAU OA HAO O KE O TLE HO ‘NA

Melao ea hao e ntlhatsoa pelo,

ebile kea e rata.

Ke tla otlollela matsoho a ka melao ea hao,

ke inahane ka thato ea hau.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka. (11:37-41)

“Ha le ka fena ka lintho tsa lóna ho mafutsana, tsohle li tla hloeka ho lona.”

Ka nako, ha Jesu a nts’a bua, Mofarisi e mong a mo köpa hore la tle ho ja hae. A ea, ‘me a lula lijong. Mofarisi eo a makala ha a bona hore Jesu h’a itlhatsoa pele a e-ja.

Morena re ho eena: E lona Bafarisi, le hlatsoa senoelo le mokeke kantle, empa ha e le ka hare ho lona ho tletse bosholu le bokhopo. Lithoto ting! Ana ea entseng ho leng kantle ha a ka a etsa le ho leng kahare? Empa ha le ka fana ka lintho tsa lona ho mafutsana, tsohle li tla hloeka ho lona.

Vinkmag ad

Read Previous

La 12 Mphalane 2026

Most Popular