Kampani e itlhommeng pele ka litšebeletso tse tsoileng matsoho tsa marang-rang ea Econet Telecom Lesotho, tlasa lepetjo la eona la “Matsatsi a 12 pele ho Keresemese a ho phallela bahloki” e nehelane ka moqeqekohali oa limpho tsa Keresemese ho bo-nkhono le bo-ntate-moholo ba 35 ba Lehae la Maqheku le ikarabellang tlasa Reitumetse Church Project le bitsoang Kanana le ba metse ea Machekoaneng le Ha Lekhobanyane. Tšebeletso ena e bile Ha Lekhobanyane, Mazenod ka la 12 Tšitoe 2025.
H’a nehelana ka limpho tsena Mookameli oa Kampani ea Econet Telecom Lesotho, Monghali Dennis Plaatjies o itse ho tloha mathoasong a selemo sena haesale ba ntse ba ea mahaeng a bana ba tlokotsing ho ea etsa letsoho la monna, ka ho ba thusa ka lijo, ho ntlafatsa matlo a bolulo a bona e le ho bona hore a maemong a matle molemong oa bophelo bo botle ba bona.
A re lekhetlong lena ba ile ba ithera ka hore ba ke ba etse hore lifahleho tsa bo-nkhono le bo-ntate-moholo li ke li tlale pososelo ka ho ba fa limpho tsa Keresemese matsatsi a 12 pele ho mokete o moholo oa Keresemese. A re ba tla lula ba tšehelitse bo-nkhono le bo-ntate-moholo le bana ba phelang mahaeng a likhutsana selemo le selemo, e le matlafatsa bophelo ba bona. A ipiletsa ho bo-mphato’a bona khoebong ho kopanya matsoho ho bona hore merero ea ho thusa bo-nkhono le bo-ntate-moholo le bana ba hlakong e’a ata eba mengata molemong oa bophelo bo botle.
H’a tšetleha puo ea hae, Letona la Tekano, Bacha le Ntšetsopele ea Sechaba, Mohlomphehi Pitso Lesaoana o ile a thoholetsa kampani ea Econet Telelecom Lesotho ka tšehetso ea eona ea kamehla ho bo-nkhono, bo-ntate-moholo le ho bana ba hlokang. A khothaletsa bo-ntate-moholo le bo-nkhono ho ingolisetsa ho fumana litsiane tsa bona ka marang-rang a EcoCash e le ho iphokoletsa ho qoba ho nka maeto a matelele le hore Econet e tle e ‘ne e tsebe ho khutlisetsa sechabeng ka ho ba thusa ka mekhoa e fapakaneng.
“Taba ena ea marang-rang re nkeleng holimo bo-nkhono le bo-ntate-moholo.” O boletse joalo a bile a phethela ka ho hlokomelisa kampani ea Econet hore maqhekoana h’a amohela litšiane tsa bona ka EcoCash ba se ke ba sokola. A boela a ba khothaletsa ho atametsa litšebetso tsa ho ntša chelete metseng le metsaneng li se ke tsa eba feela litoropong.
Mookameli oa Reitumetse Church Project ea ikarabellang Lehaeng la Maqheku la Kanana, Sr. Sylvia Jone o lebohile Econet Telecom Lesotho ka limpho tseo ba li fumaneng le ho ba kopela tlhohonolofatso e khethebileng e tsoang ho Morena Molimo. “Lekhetlong lena re leboha Molimo ka mokhoa o khethehileng hobane le tsebile hore bana bao le ba thusang kamehla ka ho ba kenya likolo, ho ba lokisetsa bolulo le ho ba etsetsa ntho eohle eo re e kopang ho lona, ka nako e ‘ngoe re sa kopa hore ho na le moo ba tsoang teng.” A rialo.
A re hore ebe lekhetlong lena ba ile ba hopola bo-nkhono le bo-ntate-moholo ke tlotla e kholo ho bona. “E bile kea kholoa re lehae la pele la maqheku leo le le etelang. Le entse hore Keresemese ea bona e be e fapakaneng lekhetlong lena, ‘me e se e ka Morena Molimo a ka li thiba lira li tsamaelle thoko le maqheku ana hore e se re li bona ba fihla ka thepa tse tjena eaba ke nako ea hore li il’o ba kokotela.” A ipiletsa ho sechaba sohle sa Basotho ho tšehetsa Econet ho feta moo se ntseng se etsa ka teng, e le hore e tle e ‘ne e tsoelepele ho ntlafatsa bophelo ba sechaba sa Basotho.
