Vinkmag ad

La 4 Pulungoana 2026

Beke ea 31 har’a selemo

Laboraro

Ho baloa Bukeng ea Moprofeta Isaia. (61:1-3)

“Morena o ntlotsitse, o nthometse ho tlisetsa bafumanehi litaba tse monate.”

Moea oa Morena Molimo o ka ho ‘na, hobane Morena o ntlotsitse.

O nthometse ho tlisetsa bafumanehi litaba tse monate, ho thoba ba pelo li matetetso, ho tsebisa ba kholehong hore ba lokolotsoe le ba chankaneng hore ba tsoile, le ho phatlalatsa selemo sa mohau oa Morena, le letsatsi la boiphetetso ba Molimo oa rona; ho tšelisa bohle ba mahlomoleng, ho ba fa tlokola bakeng sa molora, setlolo se monko o monate bakeng sa ho ba roesa thapo, ho ba bintša lithoko bakeng sa ho ba siea ba tepeletse.

PESALEMA 88

MORENA, KE TLA BINELA MOHAU OA HAO KA MEHLA.

Morena, ke tla binela mohau oa hao ka mehla,

ke tumise ‘nete ea hao

ho tloha molokong ho isa moloko.

Hobane u itse: Mohau oa ka o etselitsoe

ho ba teng ka mehla,

‘nete ea ka e tiile e joaloka maholimo.

MORENA, KE TLA BINELA MOHAU OA HAO KA MEHLA.

Ke hlabile selekane le mokhethuoa oa ka,

ka hlapanyetsa Davida, mohlanka oa ka,

ka re: Ke tla tiisa lesika la hao ka mehla,

le terone ea hao

ho tloha molokong ho isa molokong.

MORENA, KE TLA BINELA MOHAU OA HAO KA MEHLA.

Ke fumane, Davida mohlanka oa ka,

ka mo tlotsa ka oli e halalelang ea ka.

Ke tla mo tšehetsa ka letsoho la ka,

ke mo matlafatse ka sephaka sa ka.

MORENA, KE TLA BINELA MOHAU OA HAO KA MEHLA.

‘Nete ea ka le mohau oa ka li tla mo thusa,

ka lebitso la ka o tla tsoha molota.

O tla re ho ‘na: Ntate.

Molimo oa ka, lefika le mpholosang!

MORENA, KE TLA BINELA MOHAU OA HAO KA MEHLA.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Joannes. (21:15-17)

“Alosa likonyana tsa ka. Alosa linku tsa ka.”

Ka nako eo, Jesu a iponahatsa ho barutuoa ba hae, ‘me hoba a je le bona, a re ho Simone Peterosi: Simone, mor’a Joannes, na u nthata ho feta baa? A mo araba, a re: E, Morena, u’a tseba, kea u rata. Jesu a re ho eena: Alosa likonyana tsa ka.

A boela a re ho eena: Simone, mor’a Jonnnes, na u’a nthata na? A mo araba, a re: E, Morena u’a tseba, kea u rata. Jesu a re ho eena: Alosa ikonyana tsa ka. A re ho eena la boraro: Simone, mor’a Jonnes, na u’a nthata na? Peterosi a soaba, hobane o ‘motsitse la boraro: Na u’a nthata na? ‘Me a re ho eena: Morena, u tseba tsohle, u tseba hore kea u rata. Jesu a re ho eena: Alosa linku tsa ka.

Vinkmag ad

Read Previous

La 3 Pulungoana 2026

Most Popular