Beke ea 27 har’a selemo
Labone
Ho baloa Bukeng ea Moprofeta Malakia. (3:13-4:2)
“Letsatsi lea tla, le chesang joaloka sebopi.”
Le buile mantsoe a thata ka ‘na, ho rialo Morena; le re: Re u loantšitse ka ho re’ng?” Le itse: Ha ho na thuso ho sebeletsa Molimo, re boelloa ke’ng ka ho boloka melao ea hae le ka ho bontša pako pel’a Morena oa makhotla?
Ho fihlile moo re reng: baikakasi ba lehlohonolo, hobane ba etsang bobe b’a atleha, ba lekang Molimo b’a phonyoha.” Sena ke seo ba tšabang Morena ba neng ba buisana ka sona. Empa Morena a ba sekehela tsebe ‘me a ba utloa. Ba tšabang Morena ‘me ba sa lebaleng lebitso la hae, ba ngoloa bukeng, moo a leng teng.
E tla ba ba ka, ho rialo Morena oa makhotla, e be ba ka ka mokhoa o khethehileng, tsatsing leo ke le behileng: ke tla ba qenehela, joalokaha motho a qenehela mor’a hae ea mo sebeletsang.
Le tla boela le bona phapano mahareng a ea lokileng le ea khopo, mahareng a ea sebeletsang Molimo le ea sa mo sebeletseng.
Letsatsi lea tla, le chesang joaloka sebopi, leo ka lona baikakasi le ba etsang bobe ba tla ba joaloka matlakala: letsatsi leo le tlang le tla ba hotetsa, ba che, ho rialo Morena oa makhotla, ho sa sale letho la motse kapa lekala.
Empa lona ba hlomphang lebitso la ka le tla chabeloa ke letsatsi la toka le nang le mahlaseli a folisang.
PESALEMA 1
HO LEHLOHONOLO MOTHO EA BEHANG TŠEPO EA HAE HO MORENA.
Ho lehlohonolo motho
ea sa lateleng keletso ea ba khopo,
ea sa beheng le leoto tseleng ea baetsalibe,
ea sa luleng mokhatlong oa basomi;
empa e le ea khahloang ke molao oa Morena,
ea inahanang ka molao oo nyene le bosiu.
HO LEHLOHONOLO MOTHO EA BEHANG TŠEPO EA HAE HO MORENA.
O ka sefate se hlonngoeng pel’a mehloli ea metsi,
se behang litholoana ka nako ea teng,
seo mahlaku a sona a sa poneng;
mesebetsi eohle ea hae e’a atleha.
HO LEHLOHONOLO MOTHO EA BEHANG TŠEPO EA HAE HO MORENA.
Ha se ntho e tšoanang le ho ba khopo,
bona ba kang ‘moko o fefoloang ke moea;
hobane Morena o tseba tsela ea ba lokileng,
athe tsela ea ba khopo ea timetsa.
HO LEHLOHONOLO MOTHO EA BEHANG TŠEPO EA HAE HO MORENA.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka. (11:5-13)
“Kopang, le tla fuoa.”
Ka nako eo, Jesu a re ho barutuoa ba hae: Mohlomong e mong oa lona o na le motsoalle, eo a eang ho eena ka seroko, a re: Motsoalle, nkalime mahobe a mararo, hobane motsoalle oa ka o mphapohetse a e-tsoa leetong, ‘me ha ke na seo nka mo fang sona! E be eeno o mo araba a le ka tlung, o re: U se ke ua nkhathatsa; monyako o se o koetsoe, rona le bana ba ka re robetse, nke ke ka tsoha ho u fa. Joale kea le bolella, leha a ne a ke ke a tsoha ho mo fa hobane ke motsoalle oa hae, o tla tsoha ka baka la ho khathatsa ha hae, a mo fe tsohle tseo a li hlokang.
Le ‘na ke re ho lona: Kopang, le tla fuoa; batlang, le tla fumana; kokotang le tla buleloa. Hobane mang le mang ea kopang oa fuoa; ea batlang oa fumana ‘me ea kokotang o tla buleloa.
Ke mang oa lona eo e leng ntata, eo ekareng ha mora oa hae a mo kopa hlapi, eaba o mo fa noha bakeng sa hlapi na? Kapa ha a mo kopa lehe, ebe o mo fa phepheng na? Ha esita le lona le leng babe, le tseba ho fa bana ba lona tse molemo, Ntat’a lona ea leholimong o tla fana hakakang ka Moea o Halalelang ho ba mo kopang!
