Vinkmag ad

Theko e hahara chelete ea Basotho

Lesotho le tobane le khaello e kholo ea liramo tse ntlafalitsoeng, kaha naha e hloka tse ka bang 5 000 selemo le selemo, empa hajoale e sitoa ho hlahisa le liperesente tse leshome tsa tlhoko eo, e leng se etsang hore e lahleheloe ke chelete e fetang M10Millione ka selemo ka ho li reka Afrika Boroa. Litaba tsena li hlaheletse thupelong ea matsatsi a mabeli e neng e tšoaretsoe baphatlalatsi ba litaba Ha Matala, Maseru, ka 10 ho isa 11 Pulungoana monongoaha.

Sena se totobatsa bohlokoa ba morero oa Wool and Mohair Value Chain Competitiveness Project (WaMCoP), o seng o qalile ho khetha barui ba nang le boiphihlelo ba tsoaliso ea liramo, ka sepheo sa ho phahamisa boleng le bongata ba boea ba farelane le seiboko.

Setsebi sa naha sa tsoaliso ea liramo, Dr Puleng Matebesi, se re mohato ona ke letsete la nako e telele le reretsoeng ho matlafatsa tlhahiso ea liramo tsa boleng bo holimo, ho fokotsa ho itšetleha ka tse tsoang kantle le ho etsa hore boea ba Lesotho bo hlolisane ‘marakeng ea machaba. Ka hona morero ona o bula menyetla ea mesebetsi bakeng sa bacha le basali.

Tšepang Sekonyela ho tsoa mokhatlong oa Ethical Fashion Initiative o boletse hore bacha ba 150 ba se ba khethiloe bakeng sa koetliso ea ho theha likhoebo tse sebetsanang le likhoele, liaparo le lihlahisoa tse ling tse entsoeng ka boea ba farelane le seiboko.

Motsamaisi Ofising ea Khoebo ea Boea ba Farelane le Seiboko Lekaleng la Temo, Kanetso ea Lijo le Phepo e Nepahetseng, Mofumahali ‘Malehlomela Thakabanna o itse lihlahisoa tsena le tse ling ke litšiea tsa bohlokoa moruong oa Lesotho, kaha malapa a mangata a iphelisa ka kotloloho ka tsona.

A re likhakanyo li bontša hore malapa a ka bang 66 000 a iphelisa ka tlhahiso le khoebo ea boea, ha bahlahisi ba hakanyetsoa ho 45 000.

A re Lesotho le hlahisa karolo ea 15% ea boea ba seiboko lefatšeng ka bophara, e leng se etsang hore e be mohlahisi oa bobeli ka boholo kamor’a Afrika Boroa, e hlahisang 58%.

Mofumahalitsana Itumeleng Pule oa Lefepheng  la Mehlape e Menyenyane, o itse leha tlhahiso ea boea e tobane le mathata Lekala la Temo le ntse le na le menyetla e mengata haholo-holo tlhahisong ea mesebetsi le kholisong ea moruo. O itse tlhahiso ea boea e ka fa batho mesebetsi ho sa natsoe maemo a bona a thuto, empa lekala le lula le angoa ke mafu a liphoofolo le phetoho ea boemo ba leholimo.

O boetse a supa hore bosholu ba mehlape bo nyahamisa bahlahisi, bosiea malapa a mangata a sena mokhoa oa boipheliso. Ho thehiloe komiti e bonang hore e tla ka maoala a loantšang tahlehelo, kaha farelane le Seiboko ke letlotlo la naha ena. Leha ho le joalo, katleho ea morero e tla hloka hore ntlafatso ea tsoaliso e tsamaee le taolo e nepahetseng ea mehlape, thibelo ea mafu, phepo, tšireletso khahlanong le bosholu le tlhahiso ea limmaraka tse putsang bahlahisi ka boleng ba lihlahisoa tsa bona.

WaMCoP e qalile ka 2024, ‘me e reretsoe ho tsoela pele ho fihlela ka 2031, ka sepheo sa ho theha bonyane mesebetsi e 400 le ho fihlela malapa a 45 000 libakeng tsa mahaeng, ha IFAD e hakanya hore batho ba ka bang 225 000 ba tla una molemo morerong ona. Ka hona e ikemiselitse ho fetola farelane le seiboko hore e se ke ea e-ba feela lihlahisoa tsa bochaba kapa litloaelo, empa e be mohloli o matla oa mesebetsi, likhoebo tse kholo tsa moruo oa Lesotho le khauta ea naha.

Vinkmag ad

Read Previous

La 12 Pulungoana 2026

Most Popular