Vinkmag ad

La 10 Mphalane 2025

Sehopotso sa Daniel Comboni ea Halalelang, Mobishopo.

Beke ea 27 har’a selemo

Labohlano

Ho baloa Bukeng ea Moprofeta Joele. (1:13-15;2:1-2)

“Letsatsi la Morena, letsatsi la lefifi le letšo, la maru le la meholi.”

Lona baprista, itlameng matheka ka tse mahoashe, le lle; lona bahlanka ba aletare, le bokolle; tlohong, le robale holim’a tse mahoashe bosiu bohle, lona bahlanka ba Molimo oa ka; hobane batho ba hanne ho tlisa linyehelo tsa lijo le tsa lino Tlung ea Molimo oa lona.

Khethang letsatsi la ho itima, epang pitso, le phuthe maqheku le baahi ba naha ena, Tlung ea Morena Molimo oa lona. Le hoeletse ho Morena, le re: “Jo! letsatsi leo le se le le haufi! Letsatsi la Morena le tla e le la tšenyeho e tsoang ho Ea matla-‘ohle.

Letsang terompeta Sione, le hlabe mokhosi thabeng e halalelang ea ka. Baahi bohle ba naha ena ba thothomele, hobane letsatsi la Morena lea tla, le haufi. Ke letsatsi la lefifi le letšo, la maru le la meholi.

Joaloka lesoiti le aparelang lithaba, ke sechaba se sengata ‘me se matla, seo ho e-song ho be se kang sona ha esale, ‘me ha se sa tla ba teng kamor’a sona ho isa khale melokong e tlang.”

PESALEMA 9

MORENA O TSAMAISA LEFATŠE KA TOKA.

Ke tla u boka ka pelo eohłe ea ka, Morena,

ke tla phatlalatsa liketso tsohle

tse tsotehang tsa hau.

Ke tla thaba ke nyakalle ka uena,

ke roke tebitso la hau ka lifela,

uena Ea holimo-limo.

MORENA O TSAMAISA LEFATŠE KA TOKA.

U khalemetse lichaba, u timelitse ea khopo,

lebitso la bona u le hlakotse ho isa khale.

Lichaba li tloletse ka lemeneng

leo li le chekileng,

Li tšoasitsoe maoto ke leraba leo li lechehileng.

MORENA O TSAMAISA LEFATŠE KA TOKA.

 Morena o busa ka ho sa feleng,

o lutse teroneng ea hae ho liea kahlolo.

Ke eena ea tsamaisang lefatše ka toka,

le ho ahlola lichaba kantle ho leeme.

MORENA O TSAMAISA LEFATŠE KA TOKA.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka. (11:15-26)

“Ha ke leleka bademone ka monoana oa Molimo, ruri ‘muso oa Molimo o fihlile ho lona.”

Ka nako eo, ha Jesu a leleka modemone, batho ba bang ba re ho eena: Ke ka Beelzebule, morena oa bademone a lelekang bademone. Athe, ba bang, ka ho mo leka, ba kopa ho eena pontšo e tsoang leholimong. Empa eena ka ho tseba mehopolo ea bona, a re ho bona:

‘Muso ofe le ofe o ikarohantseng likoto o tla timela, ‘me matlo a oona a tla oelana holimo. Joale haeba Satane a arohane ka bo-eena, ‘muso oa hae o ka ema joang, haeba le re ke leleka bademone ka Beelzebule, bara ba lona bona ba ba leleka ka mang? Ka baka leo e tla ba bona baahloli ba lona. Athe ha ke fela ke leleka bademone ka monoana oa Molimo, ruri e tla ba ‘muso oa Molimo o fihlile ho lona.

Ha motho ea matla, ea hlometseng, a lebela ntlo ea hae, ling tsa hae li lula ka khotso. Empa ha ho ka tla e mong ea matla ho mo feta, eaba oa mo hlola, o tla mo amoha lihlomo tsohle tsa hae tseo a neng a li tšepile, o tla fana ka thepa. Ea sa eeng le ‘na oa ntoantša, ‘me ea sa bokelleng le ‘na oa qhalanya.

E ee ere ha moea o litšila o tsoile ho motho, o solle mahoatateng, o nts’o batla phomolo. Ha o sa e fumane, o re: ke tla khutlela ka tlung ea ka, moo ke tsoileng teng, ‘me ha o khutla, o e fumana e fietsoe hantle e bile e khabisitsoe, e be moo o ikelang ho ea batla meea e meng e supileng e mebe ho o feta, ‘me e kene e ahe teng. Litaba tsa motho eo tsa morao li ba mpe ho feta tsa pele.

Vinkmag ad

Read Previous

La 9 Mphalane 2025

Read Next

Likatola e’a terekoa

Most Popular