Vinkmag ad

Bantu e khutlisetsa sechabeng

Meluluetsane le menyaka ea thabo li ile tsa utloahala le ho aparela toropo ea Mafeteng, nakong eo Sehlopha sa Bolo ea Maoto sa Bantu ka kopanelo le Kampani ea Maluti Mountain Cement li neng li nehelana ka mpho ea chelete e kaalo ka M100,000.00 ho baitšokuli le lieta tsa sekolo tse 200 ho bana ba likhutsana, tšebeletsong e bileng mapatlelong a toropo ea Mafeteng ka la 26 Phato 2025.

Baemeli ba baitšokuli ba ile ba amohela mpho eo ea chelete ka thabo le monyaka, ha lieta li ile tsa amoheloa ka thabo e kholo ke bakhethoa ba puso ea libaka ba likansele tse robeli tsa Setereke sa Mafeteng, ba tlang ho li abela bana ba likhutsana le ba hlokang. Thabo ena ha e’a bonahala ho baemeli ba bana feela empa le ho litichere tsa likolo kaha bana ba boliseng ba bona, ba tla ke ba nke nakoana e teletsana ba ntse ba imona monoana ka lieta tseo.

President ea Bantu Monghali John Leuta o hlalositse hore e le tsela ea ho bokeletsa chelete bakeng sa ho khutlisetsa molemo sechabeng sa Mafeteng, sehlopha ka tšehetso ea Maluti Mountain Cement se ile sa tšoara litlholisano tsa Mohope oa Charity Cup ngoahola moo se ileng sa atleha ho bokeletsa chelete e kaalo ka M100,000.00 eo ba nehelanang ka eona ho baitšokuli ho tla ba thusa ho fetola bophelo ba bona ka ho holisa le ho matlafatsa likhoebo tsa bona.

A supa hore kahare ho meralo ea sehlopha ba na le morero o moholo oa ho bona hore ba thusa sechaba sa Mafeteng ka mekhoa e fapakaneng ea boipheliso, e le o mong oa mekhoa ea ho khutlisetsa sechabeng.

Lebitsong la Maluti Mountain Cement, Monghali Lehlohonolo Lephema o itse sepheo se seholo sa kampani ea habo ke ho tlisa liphetoho bophelong ba sechaba, ka ho bona hore ba kenya letsoho le toma ho tšehetsa merero e metle ea kholiso ea sechaba. A re mosebetsi oa mantlha oa kampani ea habo ke ho tšehetsa sechaba e le hore ho be le molemo oo se o fumanang ho tsoa ho bona hobane ke ka sona kampani e ntseng e hola ka potlako e kholo. A ipiletsa ho sechaba ho tsoela pele ho tšehetsa kampani ea habo kaha sena e sale linyane likholo li sa tla.

Lebitsong la baemeli ba baitšokuli, Masia Masia o qalile pele ka ho thoholetsa le ho leboha Bantu le Maluti Mountain Cement ka boinahano bona bo botle ba ho tla tšehetsa baitšokuli. A re chelete ena e kahar’a Letlole la Makaota Empowerment Fund, leo morero oa lona e leng ho tla holisa likhoebo tsa baitšokuli.

A re ka letlole lena ba tlil’o una molemo kaha le tla ba thusa haholo ho holisa likhoebo tsa bona e le hore qetellong li tle li qetelle e se e le likhoebo tse kholo. “Morero ke hore likhoebo tsa rona li hole le ho hohela le meloko e tlang ha feela re ka tšepahalla morero ona oa bohlokoa. Re leboha Bantu hobane ke ka eona re fumaneng molemo ona o tlang ho fetola bophelo ba rona.” Ke eena eo.

Vinkmag ad

Read Previous

Ba tsamaea tseleng tsa khale

Read Next

La 30 Phato 2025

Most Popular