Vinkmag ad

Baphatlalatsi b’a hlahlelloa

Lekala la Bophelo ka kopanelo le balekane ba lona tšebetsong e leng Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo (WHO) le UNICEF le ile la tšoarela baphatlalatsi ba litaba thupelo ea matsatsi a mabeli e neng e reretsoe ho ba hlahlella ka litsebo mabapi le liente tse thibelang mafu a ‘maselese le rubella le ho ba beha leseling ka letšolo la naha la kentelo ea mafu ana le tlil’o khakoloa ka molao ka la 20 Mphalane monongoaha. Thupelo ena e ne e tšoaretsoe Aloes Guest House, Sehlabeng Maseru ka la 6 ho isa la 7 Phato 2025.

Ke thupelong ena moo har’a tse ling baphatlalatsi ba litaba ba ileng ba hlahelloa ka malebela ka mekhoa ea ho tlaleha ka mafu ana, ho fetisa melaetsa e nepahetseng, bohlokoa ba liente, ho ela hloko kotsi ea phetisetsano ea melaetsa e sa nepahalang ka liente tsa bana, mekhoa e bolokehileng ea ho rekoa le ho kena ha liente kahar’a naha.

 Mookameli Lefapheng la Kanetso ea Liente, Mofumahali Puleng Limape o boletse hore mosebetsi oa mantlha oa baphatlalatsi ba litaba ke ho fana ka thuto ho sechaba ho bona hore se tseba ka bohlokoa ba liente tse thibelang mafu. A re morero o moholo ka letšolo lena le tlil’o tšoaroa ke hore bana bohle ba Basotho ba lilemo li ka tlase ho tse hlano ba fuoe liente e le ho loantša mafu.  “Ka tšebelisano ‘moho le lona le le baphatlalatsi ba litaba re tla tseba ho fihlela ngoana e mong le e mong kahar’a naha, ‘me litšebeletso tsohle ke mahala.” A rialo.

Mofumahali Reaboka Maraisane oa UNICEF o ile a hlahlella baphatlalatsi ba litaba ka kotsi e ka bakoang ke ho tlaleha litaba tseo e seng tsona kaha li ka tlisa litlamorao tse bosula tse ka qetellang li bakile kotsi e kholo kahar’a sechaba. A re baphatlalatsi kamehla ba lokela ho batla lintlha tse feletseng tsa litaba, e le hore ba tsebe ho fana ka litaba tsa ‘nete. A boela a fana ka mekhoa e ka ba thusang ho laola maemo moo e bang ho se ho fanoe ka litaba tseo e seng tsa ‘nete.

Monghali Moroke Motuba eena o ile a fana ka thuto ka mekhoa eo liente li kenang ka teng kahare ho naha. A re liente tsohle li kena ka mocha o le mong feela e leng ka mokhatlo oa UNICEF ho thibela kotsi e ka hlahang. A tiisa hore liente tsohle tse kenang kahare ho naha li tšereletsehile. Thupelo ena ke ea pele e etellang pele letšolo la naha la kentelo ea bana khahlanong le mafu a ‘maselese le rubella le tlang ho ba ka la 22 ho isa la 26 Mphalane monongoaha.

Vinkmag ad

Read Previous

La 9 Phato 2025

Read Next

La 11 Phato 2025

Most Popular