Vinkmag ad

Ba tšohla tlhahiso ea mesebetsi

Bacha ba Setereke sa Mafeteng ba bile ‘mokeng oa letsatsi le le leng, oo sepheo sa ona e neng e le ho thakelana ka malebela mabapi le ho ntlafatsa bophelo ba bona, litabeng tsa tlhahiso ea mesebetsi le kholiso ea likhoebo.’Moka ona o bile Golden Hotel, Mafeteng ka la 26 Phupu 2025.

H’a bua le bacha ‘mokeng ona mokhethoa oa lebatooa la Mafeteng No.58, Moeketsi Motšoane o itse khoebo ke neo eo motho a hlahang a se a ntse a e-na le eona kaha ha se batho bohle bao e ka bang bahoebi. A re bacha ba na le menyetla e mengata ea ho iqalla mefuta e fapakaneng ea likhoebo kaha Naha ea Lesotho e sa ntse e haelloa ke lintho tse ngata ka lebaka la hobane e sa ntse e hola.

A bontša hore hara lintho tse ling tse behang bophelo ba bacha tlokotsing e kholo, ke ho ba le metsoalle eo hangata ba lihelanang kotsing eo ka nako e ‘ngoe e ka qetellang e ba senyelitse bokamoso ba bona. “Ho ba le metsoalle ha se ntho e mpe, empa ke hore na u tsamaea le metsoalle ea mofuta ofe.” A rialo. A re bacha ba rata lipolotiki haholo, empa ke ntho eo ba lokelang hore ba e fe nako kaha maemo a kajeno a bophelo a ba tlama hore ba li kene.

A supa hore taba ea mantlha ea bohlokoa ha ba li kene ba se ke ba e-ba le kutloisiso ea hore ke bo-rapolotiki feela ba tlamehang ho bona hore b’a sebetsa, empa bona ho se letho leo ba le etsang. “E ka re le ka nka lipolotiki la li fa nako ea tsona, la beha puso ebe ha le qeta le tsoa kahar’a tsona la ea tšebetsong ea ho itlhahisetsa likhoebo.” O boletse joalo a bile a hlokomelisa bacha hore lipolotiking ha ho monate ho hang empa ho boima haholo. A re bothata bo bong boo bacha ba nang le bona ke ho batla hore likhoebo tsa bona tse nyenyane li hole ka letsatsi le le leng, e re le hlahalamang li be li se li le kholo.

A tiisa hore ke batho ba batlang lintho tse tatileng athe khoebo hore e hole hantle e lokela ho tsamaea ka methati e nepahetseng. “U ke ke ua ba le M100.00 u sa ka ua ba le M1.00.” O boletse joalo. A supa hore bothata bo bong ke maemo a thuto ea naha ea habo rona, e fanang ka thuto e etsang hore bacha ba tsebe ho ea sebetsa ka liofising e seng ho itšoarela ka matsoho. A phethela ka ho khalema bacha ka thata ho nena lintho tse tahang kaha li senya bophelo ba bona. “Li ntša mocha kahar’a mosebetsi moo a seng a ntse a sebetsa.” Ke Motšoane eo.

Sebui sa mantlha sa ‘moka ona Mofumahali Aniciah Motšoane o ile a hlahlella bacha ka bohlokoa ba poloko le tšebeliso e nepahetseng ea tšebeliso ea chelete, e le hore ba tle ba tsebe ho iqalla likhoebo tsa bona. A re nako e fihlile ea hore bacha ba ikemele ka ho ba le boqapi ba likhoebo tsa mefuta e fapakaneng tse ncha, ‘me ba tlohele ho pepa mahetleng a batsoali ho tloha ba le banyenyane ho fihlela hajoale ha ba se ba le baholo. “Ha re se keng ra boela ra pepa lithusong tseo re li fuoang ke ‘muso.” A qetella ka ho ba hlokomelisa hore ha ba qala likhoebo tsa bona ba se ke ba nahana ka lintho tse hole tse mohlolo empa ba qale ka tse teng tse bobebe tse haufinyane le bona.

Lebitsong la bacha, Tšepo Nkhabu o ile a khothaletsa bacha ho ithuta haholo ka litaba tsa boetapele kaha bo ka ba thusa ho rarolla liqholotso tseo ba tobaneng le tsona tsa tlhokahalo ea mesebetsi. A re boetapele ke liketsahalo tsa kajeno le tsa hosane tse tsoelang pele, ‘me e boetse ke ho arolelana likatleho tseo motho a nang le tsona le ba bang, “ha se feela ho atleha ha motho ka mong.”

Vinkmag ad

Read Previous

La 28 Phupu 2025

Read Next

La 29 Phupu 2025

Most Popular