Labobeli
Beke ea 19 har’a selemo
Ho baloa Bukeng ea Deuteronoma. (31:1-8)
“Tšoara, u tiee, Joshua, ka ha ke uena ea tla kena le sechaba sena naheng ea pallo.”
Moshe a ea bolella Israele mantsoe ana, a re ho bona: Kajeno ke na le lilemo tse lekholo le mashome a mabeli; ke se ke sitoa ho ea koana le koana; ebile Morena o mpoleletse, a re: U ke ke ua tšela Jordane. Morena, Molimo ua hau, ea tla u etella pele, ke eena ea tla felisa lichaba tseo kapel’a hau, u tle u hape naha ea tsona. Joshua o tla u etella pele, joalokaha Morena a boletse.
Morena o tla tšoara lichaba tse joalokaha a ile a tšoara Sihone le ba Oge, marena a ba-Amore, ‘moho le naha ea bona, ha a ne a ba felisa. Lichaba tseo Morena o tla li nehella lona, le tle le li tšoare ka ho ea ka litaelo tseo ke le fileng tsona.
Tšoarang le tiee, le se li tšabe, leha e le ho li thothomella, hobane Morena, Molimo ua hau, ke eena ea tsamaeang le uena; a ke ke a u furalla, a ke ke a u lahla.
Eaba Moshe o bitsa Joshua, pontšeng ea ba-Israele kaofela, ‘me o re ho eena: Tšoara, u tiee, kaha ke uena ea tla kena le sechaba sena naheng eo Morena a hlapanyelitseng bo-ntat’a sona hore o tla se neha eona; ‘me ke uena ea tla se fa eona ho e rua. Morena, ka sebele sa hae, o tla u etella pele; o tla ba le uena, ‘me a ke ke a u furalla, a ke ke a u lahla. U se ke ua tšoha, leha e le ho thothomela.
PESALEMA (Deut 32, 3-4.7.8.9 le 12. R. 9)
KABELO EA MORENA KE SECHABA SA HAE.
Ke rapela lebitso la Morena;
Lona, le phafe Molimo oa rona.
Ke lefika; mosebetsi oa hae o phethehile,
hobane litsela tsohle tsa hae li lokile.
KABELO EA MORENA KE SECHABA SA HAE.
Hopola mehla ea khale,
u hlahlobe lilemo tsa moloko ka mong;
botsa ntat’ao o tla u phetela;
botsa maqheku a heno, a tla u bolella.
KABELO EA MORENA KE SECHABA SA HAE.
Mohla Ea holimo-limo a abelang lichaba litša,
mohla a qhalanyang bana ba batho,
a sehela lichaba meeli,
ho ea ka palo ea bana ba Molimo.
KABELO EA MORENA KE SECHABA SA HAE.
Empa kabelo ea Morena ea e-ba sechaba sa hae,
Jakobo lefa le mo lokelang.
Sa tsamaisoa ke Morena a inotši,
ho se molimo o sele o mo tlatsitseng.
KABELO EA MORENA KE SECHABA SA HAE.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (18:1-5.10.12-14)
“Hlokomelang, le se ke la nyelisa le ea mong oa ba banyenyane bana.”
Ka nako eo, barutuoa ba tla ho Jesu, ba re: Ha u bona, e moholo ke mang ‘musong oa maholimo? Eaba Jesu o bitsa ngoana e monyenyane, o mo emisa kahare ho bona, o re: Kannete kea le bolella, ha le sa sokolohe le ba joaloka bana ba banyenyane, le ke ke la kena ‘musong oa maholimo. Ea ikokobetsang a be joaloka ngoana enoa e monyenyane, ke eena ea leng moholo ‘musong oa maholimo. Ea amohelang ngoana e monyenyane ea joaloka enoa, ka baka la lebitso la ka, o amohela ‘na.
Hlokomelang, le se ke la nyelisa le ea mong oa ba banyenyane bana, hobane, kea le bolella, manyeloi a bona leholimong a bona kamehla sefahleho sa Ntate ea maholimong.
Ana lona le bona joang na? Ha motho a e-na le linku tse lekholo ‘me e ‘ngoe ea tsona e ka lahleha, ha a tl’o sia tse mashome a robong a metso e robong thabeng, a ea batla e lahlehileng? Ha a ka e fumana, ruri kea le bolella, o tla ithabela ka eona ho feta ka tse Mashome a robong a metso e robong tse sa kang tsa lahleha.
Ka mokhoa o tšoanang, Ntat’a lona ea maholimong ha a rate hore le ea mong oa ba banyenyane bana a lahlehe.
