Vinkmag ad

Sehopotso sa Maximillian Kolbe ea Halalelang, moprista le Moshoela-Tumelo.

La 14 Phato 2026

Beke ea 19 har’a selemo

Labohlano

Ho baloa Bukeng ea Moprof eta Ezekiele. (16:59-63)

“U tla hopola selekane sa ka le uena.i, ‘me u hlajoe kelihlong.”

Ke sena seo Morena a se bolelang: Ke tla u tšoara ho ea kamoo u entseng kateng, uena ea nyelisitseng kano ea hao, hoo u bileng ua roba selekane. Empa ha e le ‘na, ke tla hopola selekane seo ke neng ke se etse le uena ha u sa le mocha, ‘me ke tla hlaba selekane se ke keng sa fela le uena.

Uena u tla hopola metsamao ea hao, u hlajoe ke lihlong ha u amohela bana beno, baholoane le baena ba hao bao ke tla u fa bona e le barali ba hao, empa e seng ka baka la selekane le uena.

Ke tla hlaba selekane le uena bocha, ‘me u tla tseba hore ke ‘na Morena. U tla hopola ‘me u hlajoe ke lihlong; mohla ke u tšoarelang tsohle tseo u Ii entseng, ha u sa tla hlola u ahlamisa molomo ka baka la sekhobo sa hao,

ho rialo Morena Molimo.

PESALEMA (Js 12:2-6)

KHALEFO EA HAO E KE E KOKOBELE, ‘ME U NTSELISE.

Ke eo Molimo ea mpholosang,

ke na le tšepo, ha ke sa tšaba;

hobane matla le thoko ea ka ke Morena,

ke eena pholoho ea ka.

KHALEFO EA HAO E KE E KOKOBELE, ‘ME U NTSELISE.

Le tla ikhella metsi ka thabo

lilibeng tsa pholoho.

Bokang Morena; rapelang Iebitso Ia hae,

le tumise liketso tsa hae lichabeng,

le Ii hopotse

hore lebitso Ia hae le phahame haholo.

KHALEFO EA HAO E KE E KOKOBELE, ‘ME U NTSELISE.

Rokang Morena ka lifela, hobane o entse tse kholo,

Ii ke Ii tsejoe Iefatšeng lohle.

Hooang ka thabo, le etse litlatse,

Iona baahi ba Sione,

hobane Ea halalelang oa Israele

o har’a Iona ka botlotlehi ba hae.

KHALEFO EA HAO E KE E KOKOBELE, ‘ME U NTSELISE.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (19:3-12)

“Ke ka baka la bothata ba lipelo tsa lona, ha Moshe a le lumeletse ho hlala basali ba lona; empa ho ne ho se joalo tšimolohong.”

Ka nako eo, Bafarisi ba tla ho Jesu ka ho mo leka, ba re: Na monna o lumeletsoe ho hlala mosali oa hae ka lebaka lefe kapa lefe? A araba a re ho bona: Ha le e-s’o bale hore ea bopileng motho tšimolohong, o ba bopile e le e motona le e motšehali? ‘Me a re: Ka baka leo, motho o tla siea

ntat’ae le ‘m’ae, ‘me o tla khomarela mosali oa hae, ‘me ba tla ba babeli nameng e le ‘ngoe. Ka baka leo, seo Molimo a se kopantseng, motho a se ke a se arola.

Ba re ho eena: Joale ke ka baka la’ng, ha Moshe a laetse ho neha mosali lengolo la hlalo le ho mo lokolla na? A re ho bona: Ke ka baka la bothata ba lipelo tsa Iona ha Moshe a le lumeletse ho hlala basali ba Iona; empa ho ne ho se joalo tšimolohong. ‘Me ke re ho Iona: Mang le mang ea hlalang mosali ha e se haeba e le nyatsi ‘me a nyala e mong, o’a feba; ‘me ea nyalang mosali ea hlaliloeng o’a feba.

Barutuoa ba re ho eena: Haeba taba ea monna ea nang le mosali e le tjena, ha ho thuso ho nyala. A re ho bona: Hase bohle ba amohelang lentsoe leo, ha e se ba nehiloeng joalo. Ho na le ba sa nyaleng, hobane ba entsoe joalo ke batho; ‘me ho na le ba sa nyaleng, hobane ba ikhethetse joalo, ka baka la ‘muso oa maholimo. Ea ka amohelang hona, a ho amohele.

Vinkmag ad

Read Previous

La 13 Phato 2026

Most Popular