Vinkmag ad

La 3 Phupjane 2026

Labobeli

Sehopotso sa Charles Lwanga le balekane ba hae.

Ho baloa Bukeng ea Bohlale. (3:1-9)

“A ba amohela joaloka sehlabelo sa secheso.”

Meea ea ba lokileng e matsohong a Molimo, ‘me ha ho tlhokofatso e ka ba amang. Mahlong a maoatla e n’eka ba shoele, ho tsoa ha bona lefatšeng e n’eka ke bomalimabe, le ho tloha ha bona har’a rona e n’eka ke timelo,

athe bona ba khotsong.

Leha chebong ea batho eka ba fumane kotlo, ba na le tšepo e tiileng ea ho-se-shoe; ka ho mamella kotlo e fokolang, ba tla fumana lehlohonolo le leholo, hobane Molimo o ba nontse, ‘me a fumana ba mo tšoanela.

A ba tšeka joaloka gauda seboping, a ba amohela joaloka sehlabelo sa secheso. Mohla a ba etelang ba tla phatsima seka litlhase Ii aparetse litlhaka; ba tla ahlola lichaba, ba rene holim’a merabe, Morena eena o tla ba busa ka mehla.

Ba mo tsepileng ba tla utloisisa ‘nete, ba ileng ba tšepahala ho eena ba khomarele ho eena ka lerato, hobane mohau le lereko ke tsa bakhethuoa ba hae.

PESALEMA 30

KE BEHA MOEA OA KA MATSOHONG A HAO, MORENA.

Morena u be lefika leo ke itsireletsang ka Iona,

qhobosheane eo ke tla pholoha ho eona.

Efela ke uena lefika la ka le qhobosheane ea ka;

ua ntsamaisa, u bile ua ntataisa

ho tlotlisa lebitso la hao.

KE BEHA MOEA OA KA MATSOHONG A HAO, MORENA.

 Ke beha moea oa ka matsohong a hao;

ke uena ea ntopollang, Morena, Molimo oa ‘nete.

Ha e le ‘na, ke tsepile uena.

Ke tla tlala nyakallo, ke ithabele ka mohau oa hao.

KE BEHA MOEA OA KA MATSOHONG A HAO, MORENA.

Bontša mohlanka oa hao sefahleho se elileng,

u mpholose ka mohau oa hao.

U pata ba tšabelang ho uena

moo uena ka sebele u Ieng teng,

hole le maqiti a batho.

KE BEHA MOEA OA KA MATSOHONG A HAO, MORENA.

Ho baloa Lengolong ho Ba-Heberu. (10:32-36)

“La tiisetsa tlhaselong e boima ea mahloko.”

Bana beso! Le ke le ikhopotseng matsatsi a pele, ao eitseng hoba le bonesetsoe, la tiisetsa tlhaselong e boima ea mahloko; ka nqa e ‘ngoe la etsoa sesomo pepeneneng ka mahlapa le ka Iihloriso, ‘me ka nqa e ‘ngoe la ikopanya le ba tšoaroang joalo.

Hobane le ile la utloela batlamuoa bohloko; la ba la lumela ka thabo ho hapeloa lintho tsa lona, ka ha le ne le tseba hore le na le leruo le Ieng le letle ho feta, le sa senyeheng.

Ka baka leo le se ke la lahla letšepa la Iona, le nang le moputso o moholo. E ka khona le be le tiisetso ha le rata ho phetha thato ea Molimo, hore le tle le amohele seo le se baletsoeng.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Joannes. (12:24-26)

“Ha hlaku ea koro e ka shoa, e tla beha haholo.”

Ka nako eo, Jesu a re ho barutuoa ba hae: Ka ‘nete-nete, ke re ho lona: ha hlaku ea koro e oetseng mobung e sa shoe, e tla itsalla e le joalo; athe ha e ka shoa, e tla beha haholo. Ea ratang bophelo ba hae, bo tla mo lahlehela; ‘me ea hloeang bophelo ba hae lefatseng lena, o bo bolokela bophelo bo sa feleng.

Ea batlang ho ntšebeletsa, a ntatele; ‘me moo ke Ieng teng, le eena mosebeletsi oa ka o tla ba hona teng. Ha e mong a ka ntšebeletsa, Ntate o tla mo hlonepha.

Vinkmag ad

Read Previous

La 2 Phupjane 2026

Most Popular