Beke ea 8 har’a selemo
Labotšelela
Ho baloa Lengolong la Moapostola Juda. (17.20-25)
“Molimo o na le matla a ho le phemisa ho khoptjoa, le a ho le hlahisa letlotlong la hae le se na nyatseho.”
Baratuoa! Se lebaleng lipolelo tse ileng tsa boleloa pele ke baapostola ba Morena oa rona Jesu Kriste. Matlafalang tumelong ea Iona e halalelang haholo. Rapelang ka Moea o halalelang, le ipoloke leratong la Molimo
le ntse le lebeletse mohau oa Morena oa rona J esu Kriste, le tle le fumane bophelo bo sa f eleng. Ba thekeselang le ba kholise. Empa ba bang, le ba pholose ka ho ba hloibila mollong. Ba bang, hape, le ba hauhele le ntse le ba tšaba, le bile le hloile esita le seaparo sa bona se silafalitsoeng ke litakatso tsa sebe.
Joale ho Ea nang le matla a ho le phemisa ho khopjoa, le a ho le hlahisa letlotlong la hae le se na nyatseho ‘me le nyakaletse; ho Molimo a le mong eo e Ieng Mopholosi oa rona, ka Jesu Kriste Morena oa rona, e be
letlotlo le boholo, borena le matla, pele ho mengoaha eohle, le joale, le ka mehla eohle ! Amen
PESALEMA 62
MOEA OA KA O U NYORETSOE, MORENA MOLIMO OA KA.
Molimo, ke uena Molimo oa ka, ke u hlolohetsoe,
moea oa ka o nyoretsoe uena;
‘mele oa ka o laba-labela uena,
joaloka lefatse le omeletseng,
le se nang letho, le hlokang metsi.
MOEA OA KA O U NYORETSOE, MORENA MOLIMO OA KA.
Ruri ke rata ho u bona Sehalalelong,
hore ke tie ke bone matla a hao le letlotlo la hao.
Ka hobane mohau oa hao o molemo ho feta bophelo;
molomo oa ka o tla u tlotlisa.
MOEA OA KA O U NYORETSOE, MORENA MOLIMO OA KA.
Ruri ke tla u boka bophelong ba ka bohle,
ke tla phahamisa matsoho a ka ho u rapela.
Moea oa ka o tla khora
joaloka ea jeleng moko le mafura,
molomo oa ka o tla u roka
ka lentsoe le nyakaletseng.
MOEA OA KA O U NYORETSOE, MORENA MOLIMO OA KA.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Mareka. (11:27-33)
“Ke ka matla afe u etsang lintho tsena na?”
Ka nako eo, Jesu le barutuoa ba hae ba boela ba tla Jerusalema, ‘me eare ha a nts’a itsamaela ka Tempeleng, ha tla ho eena baprista ba baholo, bangoli le baholo, ba re: Ke ka matla afe u etsang lintho tsena na?
Kapa ke mang ea u fileng matla a ho Ii etsa na?
Jesu a ba fetola, a re: Le ‘na ke tla le botsa potso e le ‘ngoe. Le nkarabe, ‘me ke tla le bolella hore na ke etsa lintho tsena ka matla afe. Na hlatsuo ea Joannes e n’e e-tsoa leholimong kapa ho batho na? Nkarabeng.
Empa ba inahana, ba re: Ha re ka re: leholimong, o tla re: Ha ho le joalo, ha lea ka la lumela ho eena ka baka la’ng? Joale na re tla re: ho batho? Empa ba ne ba tšaba sechaba, hobane bohle ba ne ba talima Joannes
e le moprofeta oa ‘nete.
Eaba ba araba Jesu, ba re: Ha re tsebe. Jesu a re ho bona: Le ‘na nke ke ka le bolella hore na ke etsa lintho tsena ka matla afe.
