Vinkmag ad

Likatola e’a terekoa

President ea Mokhatlo oa Lesotho oa Papali ea Rugby(FLR) Monghali Fetang Selialia o amohetse ka thabo e kholo thepa ea boleng bo holimo ea seaparo sa Sehlopha sa Naha sa Papali ea Rugby sa Likatola, ho tsoa ho Kamapani ea Likhokahanyo ea Econet-Lesotho tšebeletsong e bileng Ntlo-Kholo ea Econet, Maseru ka la 8 Mphalane 2025.

Thepa ena eo sepheo sa eona e leng ho ntlafatsa maemo a papali ea rugby kahar’a Naha ea Lesotho, ke eo mokhethoa oa naha o tlang ho e sebelisa nakong ea lipapali tsa linaha tsa Boleswa tse tlil’o tšoareloa Lebaleng la Sesole, Mejametalana mafelong ana a beke e kenyeletsa lijesi le li-track suit tse ntle tsa maemo a holimo tsa papali ea rugby.

H’a nehelana ka thepa ena lebitsong la Kamphani ea Econet-Lesotho, Monghali Retšelisitsoe Nkhahle o supile hore seaparo sena sa boleng bo holimo se tlil’o fana ka morolo ho bahlankana ha ba nkhisetsna mahafi litlholisanong tsa Boleswa tseo ba tlil’o li bapala mafelong a beke. A re ha selemo se qala Econet-Lesotho e ile ea tšela chelete e kaalo ka M400,000.00 ka morero oa ho nanabetsa letsoho lipapaling tsohle tsa rugby. Ka hona seaparo sena ke tlotla e kholo ea selekane se mofuthu seo ba nang le sona le FLR.

A re seaparo sena se secha e boetse ke sesupo le bopaki boo ka bona ba ananelang hore FLR e ntse e sebetsa hantle, thomong ea eona ea ho holisa le ho ntlafatsa papali ea rugby kahare ho naha. “Re re pele ea pele ho botsamaisi ba FLR ka tšebetso e ntle lipapaling kaha bohle rea tseba hore lipapali li ka ba le khahlamelo e kholo litabeng tsa kholo le ntšetsopele ea naha.” A rialo.

A re khato ena ea ho kenya letsoho le toma kahare ho papali ea rugby ke hobane ba hlokometse hore ho bonahala kholo e potlakileng kahare ho eona le sesupo sa hore ho na le moo e tla fihla hona teng e leng boemong ba machaba. A hlokomelisa bafani bao e bang ba ntse ba saletse morao, ho kenya letsoho ho holisa papali ea rugby kaha sena se tla tlisa liphetoho bophelong ba bana ba Basotho.

A tiisa hore taba ea hore lipapali ke boithabiso feela e feletsoe ke nako, ka hoo bohle re lokela ho bona hore bana ba Basotho ba iphelisa ka tsona. “Kampani ea heso e ananela mosebetsi ona o motle o etsoang ke FLR.” Ke eena eo.

H’a amohela thepa ena President ea FLR, Monghali Fetang Selialia o lebohile ka tsela e khethehileng kampani ea Econet-Lesotho eo e saleng e oa e tsoha le bona ho tloha ka selemo sa 2012 le ho fihlela kajeno. “Ke ipotsa hore na ha e ne e se ka Econet-Lesotho re ka be re le hokae ka papali ena ea rugby. Hoba ka lebaka la tšehetso e matla ea eona re atlehile ho tsoelapele ka lipapali tsa Liki e Kholo.” A rialo.

A re ha b’a thibela likampani kapa batšehetsi ba bang ho tšehetsa papali ea rugby, ‘me ba ntse ba kokota letsatsi le letsatsi ho bahoebi bohle ho kenya letsoho kholisong ea papali ea rugby, “empa re ithutile hore ho fumana botšehetsi ha se ntho e bonolo haholo.”  A leboha le baji ba lihlahisoa tsa Econet-Lesotho hoba ke ka bona ba ntseng ba fumana botšehetsi ho tsoa ho Econet-Lesotho. A re ba motlotlo haholo ka seaparo sena kaha se tl’o fa bahlankana seriti le tlhompheho e kholo ha ba bapala le linaha tse ling.

A qetella ka ho ipiletsa ho ‘Muso oa Lesotho ho tsetala lipapaling kaha ho bonahala e hlile o le leqe ho kenya letsoho kholisong ea lipapali kahare ho naha. Ke hona ‘mokeng ona FLR e bileng ea hlahisa motšehetsi e mong e mocha ho tsoa Naheng ea India, ea bonahalang a e-na le lerato le thahasello e kholo ea ho tla thusa ho matlafatsa papali ea rugby.

Vinkmag ad

Read Previous

La 10 Mphalane 2025

Read Next

La 11 Mphalane 2025

Most Popular