Lekala la Thuto le Koetliso ka kopanelo le UNDP, Lekala la Likhokahanyo, Mahlale, Bonono le Boqapi, li thakhotse ntlafalo ea thuto ka marang-rang e tla isoa sechabeng ke bacha ba koetlisitsoeng ka mokhoa oa ho fetisa thuto, ho matlafatsa sechaba. Litaba tsena li bile seboping ea UNIPOD, ka la 5 Phato monongoaha.
Mongoli e Moholo Lekaleng la Thuto le Koetliso, Rats’iu Majara o hlalositse hore likolo tsohle li lokela ho ba karolo ea sechaba, ka lebaka lena ke takatso ea bona hore ha sekolo se tsoa ka hora ea bone batsoali le bana ba phelang metseng ba fuoe thuto ea marang-rang e le hore le bona ba une molemo.
A re mosebetsi ona o tla thusa hore sechaba se baballe thepa ea ‘muso le ho e sireletsa hobane le bona ba una molemo lits’ebeletsong tse joalo.
Mookameli oa Lekhotla la Taolo ea Likhokahanyo Lesotho (LCA) Nizam Golaam, o hlalositse hore bona joaloka batho ba alositseng molao o tsamaisang litaba tsa marang-rang ba batla ho bona hore a fumaneha hohle le lisebelisoa li ba teng hohle kahar’a naha, kaha ba shebile ho kenyeletsa bohle haholo nakong ena eo lefats’e le fumanang litaba tsohle tsa moruo marang-rang.
O itse ba shebile litaba tsa ntlafalo ea melao le e kenyeletsang bohle. A re mosebetsi oa bona ke ho bona hore marang-rang a aheloa bohle le ho hlompheha ha litokelo tsa batho bohle. O re bothata bo boholo ka lithabeng ke khokelo ea marang-rang e fokolang le ts’enyo ea thepa.
A re leha batho ba phela hole empa ka marang-rang ba ka tseba ho ba le seabo litabeng tsohle. Ka hoo a re ba hloka mafapha ohle a ts’oarane ka matsoho hore lintho tsohle li tle li atlehe.
Setsebi sa litaba tsa marang-rang, Mukai Turugare o hlalositse hore bana ba lokela ho utloisisa bohlokoa ba ts’ebeliso ea marang-rang a ntlafetseng le ho bona hore a ba tsoela molemo. A re ba hlokometse hore likoetliso tsohle li lokela ho tsamaisana le lisebelisoa.
O re ba hloka motho ea utloisising hantle litokelo tsa hae ha a le marang-rang, ha ho le joalo ba tl’o kenyeletsa le bahoebi ba ntseng ba thuthuha ‘moho le ba sebelisang marang-rang ho iketsetsa chelete. O re mokhoa ona oa ts’ebeliso ea marang-rang o thusa kholong le ntlafalong ea sechaba.
Motlatsi oa Moeli oa UNDP Lesotho, Taye Amssalu o thoholelitse ‘Muso oa Lesotho ka boemo bona ba phetoho e le ho koala sekheo se teng sa ts’ebeliso ea marang-rang kahar’a sechaba. A re ke ts’epo ea hae hore litaba tsena li tla kenyeletsa bohle, kaha ba tl’o koetlisa likolo tse 40 le ho koetlisa bacha ba tl’o koetlisa batho ba 1,500 metseng e fapakaneng le ho nehelana ka lisebelisoa ‘tablets’ tse 110 le likomporo tse 55.
Motlatsi oa Mongoli e Moholo Lekaleng la Likhokahanyo, Mahlale, Bonono le Boqapi, Lineo Ramabele o itse ba hloka ka selemo sa 2030 likolo tsohle tsa be li hoketsoe marang-rang ‘me lisebelisoa li anetse 75% ea baithuti le sechaba sohle se na le litsebo ka ts’ebeliso marang-rang. A re litsi tsa sechaba tsa thuto ea marang-rang li tla ananela batho bohle hobane bohle ba na le tokelo ea ho tseba ka litaba tsa marang-rang.
E mong oa bacha ba rupetsoeng, Bohlokoa Maieane o bonts’iitse hore koetliso ena e tl’o mo thusa ho ntlafatsa litsebo tseo a neng a se a e-na le tsona le ho kenya ts’ebetsong lintho tse molemong oa ntlafalo ea naha.
O re ha ho sa na bohlokoa ba hore batho ba lle ka tlhokahalo ea lits’ebeletso empa marang-rang a le teng ho potlakisa mosebetsi o joalo. A re motho o lokela ho fumana lits’ebeletso tsohle a ntse a le lapeng kapa khoebong a iketsetsa mabaka a hae, ‘me sena se ka fihleloa ha marang-rang a hoketsoe hohle kahar’a naha.
Ke bonyane bacha ba 40 ba fuoeng mangolo kamor’a ho phethela koetliso ea matsatsi a mararo, e bile e le ba ithutetseng litaba tsa lithuso tsa mahlale, bao bona ba tla fana ka thuto sechabeng ka ts’ehetso ea UNDP.
