Vinkmag ad

CBL e theola sekhahla sa phaello

Banka e Kholo ea Lesotho (CBL) e tšoere Seboka sa bo-114 sa Boto ea Leano la Litaba tsa Moruo (MPC) moo e hlalositseng e theotse sekhahla sa phaello sa CBL ka lintlha tse 25 ho isa ho 6.75% ka selemo. Tsena li bile ka la 5 Phato monongoaha.

Mookameli oa CBL, Dr Maluke Letete o itse bokamoso ba moruo lefats’eng ha bo hlake hantle. A re le ha liphepetso li ntse li tsoela pele ka lebaka la mathata a khoebo le likhohlano tsa lipolotiki lefatšeng, Mokhatlo oa Machaba oa Lichelete (IMF) o phatlalalitse tebello ea kholo ea moruo lefatšeng ka selemo sa 2025 ho ea ho 3.0%, ka lebaka la kholo ea khoebo le tšehetso ea lichelete tse phahameng ho feta kamoo ho neng ho lebeletsoe.

O re keketseho ea litheko e fapakana ka linaha, ka hona tse tsoetseng pele li tobane le keketseho ea litšenyehelo tsa matlo, lijo le mafura, ha tse ntseng li hola tsona li bona phokotso e itseng ea litheko.

Joalokaha Afrika Boroa e le haufi le Lesotho, o re e lebeletsoe ho ba le ntlafatso ea moruo karolong ea bobeli ea selemo sa 2025, ho tloha ho kholo e fokolang ea 0.1% likhoeling tse tharo tse qalang.

A re keketseho ea litheko e ile ea lula kahare ho sesiu sa South African Reserve Bank, e leng se ileng sa etsa hore ho be le phokotso ea sekhahla sa phaello.

A re Lesotho le lona le bontšitse matšoao a phaello e nyenyane ea moruo ka khoeli ea Motšeanong 2025, ka lebaka la kholo ea tšebeliso ea sechaba le tsitsipano ea tlhahiso, haholo-holo lihlahisoa tsa lifeme tsa masela tse romelloang Afrika Boroa.

Leha ho le joalo, ho ntlafala hona ho ntse ho le bonolo empa ho angoa ke ho putlama ha tlhoko ea lihlahisoa tsa Lesotho kantle ho naha, litjeo tse phahameng tsa khoebo, ho tlosoa ha mananeo a tšehelitsoeng ke bafani ba thuso (joaloka Compact II) le mathata a ntseng a tsoela pele khoebong ea merafo.

Lichelete tsa SACU hammoho le keketseho ea lihlahisoa tsa masela li kentse letsoho ho eketseheng ha Net International Reserves (NIR) ka US$50.95 Millione ho fihla ho US$1,120.16 Millione ka la 22 Phupu 2025.

Qeto ea MPC e hlahlobile likotsi tse ka amang kholo ea moruo le tlhahiso, boemo ba leano la lichelete tikolohong, tlhoko ea ho sireletsa botsitso ba Loti le Ranta. Ka lebaka leo, CBL e ikemiselitse ho boloka chelete e lekaneng ea kantle ho naha ho sireletsa botsitso ba Ranta le Loti hore Lesotho le lule le lekana le Afrika Boroa.

Dr. Letete o hatelletse hore moruo oa Lesotho o ntse o fokola, ka lebaka la ho fokotseha ha tlhoko ea kantle ho naha, litšenyehelo tse phahameng tsa khoebo, hammoho le ho tlosoa ha mananeo a tšehetso ea bafani a lichelete.

Keketseho ea litheko Lesotho e lebelletsoe ho lula e laolehile nakong e haufi, empa e ntse e le tlokotsing haeba ho ka ba le keketseho ea litheko tse tsoang kantle ho naha, haholo-holo ho tsoa Afrika Boroa.

O boetse a hlalosa hore Komiti e hlahlobile likotsi tse tobaneng le kholo ea moruo le keketseho ea litheko, leano la lichelete la tikoloho hammoho le tlhokahalo ea ho sireletsa botsitso ba Loti ho lekana le Ranta ea Afrika Boroa. Banka e rerile ho boloka chelete e lekaneng ea kantle ho naha ho ts’ehetsa leano lena.

Komiti ena e itokiselitse ho fetola boemo ba leano haeba ho ka hlaha likotsi tse bakang ho se tsitse ha lichelete kapa keketseho e feteletseng ea litheko.

Vinkmag ad

Read Previous

La 8 Phato 2025

Read Next

Marang-rang ho bohle

Most Popular