Tona-Kholo Samuel Matekane o nehelane ka morero oa phepelo ea motlakase ho malapa a 744, a metse ea Mokema, Ha Ramaqhanyane, Ha Liile, Ha Lekete ho kenyeletsa le likolo tse peli, Setsi sa Bophelo le Ofisi ea Morena. Tšebeletso ena e ne e tšoaretsoe Mokema Seterekeng sa Maseru ka la 25 Phupu monongoaha moo a bontšitseng hore sepheo sa ‘muso ha se feela ho bonesa empa ke ho tla eketsa le menyetla ea khoebo le boipheliso.
A re morerong ona ho sebelisitsoe chelete e kaalo ka M22,652,307.52, ‘me likhakanyo li supa hore lelapa ka leng le hoketsoe motlakase ka chelete e kaalo ka M30,000.00. A qetella ka ho supa hore leano la ‘muso phepelong ea motlakase ke ho sebelisa bahoebi ba ikemetseng ba Lesotho. “Lebaka ke hore re matlafatse likhoebo tsa Basotho hore li hole, li thehe mesebetsi, li ahe botsebi le bokhoni bo hlokahalang hore li fihlele boemo ba ho qothisana le tse ling tsa machaba.” Ke TK eo.
Ea tšoereng molepo e le Letona la Matla, Mohlomphehi Mohlomi Moleko o itse pele ho selemo sa 2027 Lesotho le tla be le tseba ho iphehlela motlakase oa lona, ‘me ho se ho sa hlokahale hore le ka ea o reka kantle ho naha. A supa hore likarolo tse kholo tseo ba sebetsanang le motlakase ka tsona li kenyeletsa har’a tse ling phehlo ea ona, khaho ea marang-rang a isang motlakase matlong le likhoebong, ho o hokela, ho lokisa melao e tsamaisang tšebetso ea ona le ho lokisa litsi tsa ona.
Lebitsong la baahi Mofumahali ‘Mahlompho Lillane o boletse hore phepelo ea motlakase e bohlokoa haholo ho eena le ho sechaba sa habo kaha e tlil’o tlisa liphetoho bophelong ba bona ba letsatsi ka leng le ho bebofatsa bophelo ba hae le ba sechaba ka kakaretso ka ho hlahisa mesebetsi e fapakaneng. A leboha ‘muso ka mpho ena ea bohlokoa.
