Beke ea 10 har’a selemo
Labobeli
Ho baloa Lengolong la Bobeli la Moapostola Paulosi ho Ba-Korinthe. (1:18-22)
“Jesu Kriste o n’a se na ‘E’ le ‘Che’ empa ho eena ho bileng teng ke ‘E’ feela.”
Bana beso. Kannete ea Molimo, seo re le bolellang sona ha se E” le “CHE” ka nako e le ‘ngoe. Hobane Mor’a Molimo, Jesu Kriste, eo rona le Silvanus le Timothi re le rutileng ka eena, o n’a se na “E” le “CHE” empa ho eena ho bileng teng ke “E” feela.
Lipallo tsohle tsa Molimo, Jesu o li phetha ka ho re “E.” Ke ka baka leo e ntseng e le ka eena re reng “Amen,” ha re tlotlisa Molimo. Ea re tlamahantseng le Kriste: rona le lona, a ba a re halaletsa ka Molimo, eleng eena ea re tšoaileng ‘me ea re fileng Moea o lulang lipelong tsa rona, e le tšepiso ea tse tlang ho tla.
PESALEMA 118
TALIMA MOHLANKA OA HAU KA SEFAHLEHO SE ELILENG, MORENA.
Litemoso tsa hau li’a tsoteha,
ka hona kea li latela.
Qaqiso ea lentsoe la hau e hlahisa leseli,
e fa ba se nang mano bohlale.
TALIMA MOHLANKA OA HAU KA SEFAHLEHO SE ELILENG, MORENA.
Ke ahlamisa molomo, kea feheloa,
hobane ke lapetse melao ea hau.
Ntalime ‘me u nkhauhele,
joaloka ha u tloaetse
ho etsetsa ba ratang lebitso la hau.
TALIMA MOHLANKA OA HAU KA SEFAHLEHO SE ELILENG, MORENA.
Tsepamisa mehato ea ka holim’a pallo ea hau,
se lumelle bobe ho ntaola.
Talima mohlanka oa hau ka sefahleho se elileng,
u nthute thato ea hau.
TALIMA MOHLANKA OA HAU KA SEFAHLEHO SE ELILENG, MORENA.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (5:13-16)
“Lona le leseli la lefatše.”
Ka nako eo, Jesu a re ho barutuoa ba hae: Lona le letsoai la lefatše; empa ha eba letsoai le ka tapa, lona le ka nokoa ka’ng? Ha le sa na thuso, ha e se hore le lahleloe kantle, le hatakeloe ke batho.
Lona le leseli la lefatše. Motse o sitoa ho pateha o le holim’a thaba. Le lona lebone, ha le ke le hotetsoa, le behoe tlas’a nkho, empa le hlongoa sehlomellong sa lona, hore le tle le khantšetse bohle ba ka tlung. Leseli la lona le khanye joalo pel’a batho, e le hore ka ho bona liketso tse lokileng tsa lona, ba tle ba tlotlise Ntat’a lona ea maholimong.
