MOKETE OA Filipi le Jakobo ba halalelang, Baapostola
Ho baloa Lengolong la Pele la Moapostola Paulosi ho Ba-Korinthe. (15:1-8)
“Re ruta joalo, ‘me re lumetse joalo.”
Bana beso ke le hopotsa molaetsa oa taba tse monate oo ke le boleletseng oona, oo le o amohetseng, oo le tiileng ho oona, ‘me oo le tla pholoha ka oona, ha le o boloka ka mokhoa oo ke le rutileng ka oona. Ho seng joalo, e tla ba le lumetse lefeela.
Pele ho tsohle, ke le nehelelitse seo le ‘na ke se amohetseng: ke hore Kriste o shoele ka baka la libe tsa rona, ka ho ea ka Mangolo; le hore o ile a patoa, a ba a tsoha bafung ka letsatsi la boraro, ka ho ea ka Mangolo; le hore o ile a iponahatsa ho Kefase, hamorao ho ba leshome le motso o mong.
A nt’o iponahatsa, ka nako e le ‘ngoe, ho baena ba fetang makholo a mahlano, bao ba bangata ba bona ba ntseng ba phela le kajeno, leha ba bang ba ithobaletse. A nt’o iponahatsa ho Jakobo, hamorao ho baapostola bohle. ‘Me qetellong, ka morao ho bohle, a iponahatsa le ho ‘na, ea joaloka ea rakileng linako tsa hae.
Pesalema 18
SEO LI SE BOLELANG SE PHATLALLA LE LEFATŠE LOHLE.
Maholimo a bolela letlotlo la Molimo,
‘me sebaka sa maholimo se phatlalatsa
mosebetsi oa liatla tsa hae.
Matsatsi a joetsana taba eo,
masiu a neheletsana tsebo eo.
Ntle le puo, ntle le lipolelo,
ntle le molumo oa lentsoe.
Empa seo li se bolelang
se phatlalla le lefatše lohle,
molaetsa oa tsona o finyella
le pheletsong tsa lefatše.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Joannes. (14:6-14)
“Khale ke e-na le lona, empa ha le e-s’o ntsebe.”
Ka nako eo, Jesu a re ho Thomas: Ke ‘na Tsela, ‘Nete le Bophelo. Ha ho motho ea tlang ho Ntate ha e se ka ‘na. Hojane ha ho joalo, nka be ke le boleletse, kahobane ke ea le lokisetsa tulo. ‘Me ha ke se ke ile ho le lokisetsa tulo, ke tla khutla hape, ke le nkele ho ‘na, hore moo ke leng teng, le lona le be teng. Le tseba moo ke eang teng le tsela lea e tseba.
Thomas a re ho eena: Morena, ha re tsebe moo u eang teng. Tsela re ka e tseba joang na? Jesu a re ho eena: Ke ‘Na Tsela, ‘Nete le Bophelo. Ha ho motho ea tlang ho Ntate ha e se ka ‘na. Hojane le ntsebile, le ka be le tsebile le eena Ntate. Esita le hona joale lea mo tseba ‘me le se le ‘mone.
Filippi a re ho eena: Morena, u re bontše Ntate, ‘me ho re lekane. Jesu a re ho eena: Khale ke e-na le lona, empa ha le e-s’o ntsebe? Filippi, ea mponang o s’a nts’a bona Ntate. U ka bolela joang ua re: u re bontše Ntate? Ana ha u lumele hore ke ho Ntate ‘me Ntate o ho ‘na?
Lipolelo tseo ke le bolellang tsona ha ke li bolele li tsoa ho ‘na, empa Ntate ea lulang ka ho ‘na, ke eena ea etsang mesebetsi. Ana ha le lumele hore ke ka ho Ntate le Ntate o ka ho ‘na? Bonyane le lumele joalo ka baka la eona mesebetsi.
KaNnete- nete ke re ho lona: ea lumelang ho ‘na, le eena o tla etsa mesebetsi eo ke e etsang. Ebile o tla etsa e fetang ena, hobane ke ea ho Ntate. ‘Me hohle hoo le tla ho kopa ho Ntate ka lebitso la ka, ke tla ho etsa.
