Beke ea 3 ea Paseka
Labobeli
Ho baloa Bukeng ea Liketso tsa Baapostola. (7:51-59)
“Morena Jesu, amohela moea oa ka.”
Matsatsing ao, Stefane a bolella sechaba, baholo le bangoli, a re: Lona batho ba manganga, ba tletseng bohedene lipelong, ba sa batleng ho mamela, le hanyetsa Moea o Halalelang kamehla! Le tšoana hantle le bo-ntat’a lona. Ke ofe moprofeta eo bo-ntat’a lona ba sa kang ba mo hlorisa? Ba bolaile ba neng ba bolela ho tla ha ea lokileng, eena eo lona le mo ekileng ‘me le ‘molaileng joale, lona ba amohetseng Molao ka tšebetso ea manyeloi, empa ha lea o boloka.
Ha ba utloa tsena, ba tlokoma ke khalefo ka lipelong ‘me ba mo tsikitlanyetsa meno. Ha e le Stefane eena a tletse Moea o Halalelang, a talima leholimong; eaba o bona letlotlo la Molimo, le Jesu a eme ka ho le letona la Molimo. A re: Ke bona maholimo a phetlehile, le Mor’a motho a eme ka ho le letona la Molimo.
Eaba ba peroha, ba ithiba litsebe, bohle hammoho ba mo rutlolohela, ba mo hulela kantle ho motse, ba mo tlepetsa ka majoe. Lipaki li ne li behile liaparo tsa tsona maotong a mohlankana ea bitsoang Saule. Ha ba ntse ba mo tlepetsa, Stefane o ne a rapela, a re: Morena Jesu, amohela moea oa ka. A ba a khumama, a hooa ka lentsoe le phefa, a re: Morena, se ba behe molato oa sebe sena. ‘Me ho ba a rialo, a ithoballa Moreneng.
PESALEMA 30
KE BEHA MOEA OA KA MATSOHONG A HAU, MORENA.
U be lefika leo ke itšireletsang ka lona,
qhobosheane eo ke tla pholoha ho eona.
Efela ke uena lefika la ka le qhobosheane ea ka;
ua ntsamaisa, u bile ua ntataisa
ho tlotlisa lebitso la hau.
Ke beha moea oa ka matsohong a hau;
ke uena ea ntopollang, Morena, Molimo oa ‘nete.
Ha e le ‘na, ke tšepile uena.
Ke tla tlala nyakallo,
ke ithabele ka mohau ua hau.
Bontša mohlanka oa hau sefahleho se elileng,
u mpholose ka mohau oa hau.
U pata ba tšabelang ho uena
moo uena ka sebele u leng teng,
hole le maqiti a batho.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Joannes. (6:30-35)
“Ha se Moshe ea le nehileng bohobe bo tsoang leholimong, empa ke Ntate.”
Ka nako eo, batho ba re ho Jesu: Ke efe pontšo eo na? U tla etsa mohlolo ofe na? Bo-ntat’a rona ba ile ba e-ja manna feelleng, joaloka ha ho ngotsoe ho thoe: o ba file bohobe bo tsoang leholimong hore ba bo je!
Jesu a re ho bona: Kannete-nete, kea le bolella, ha se Moshe ea le nehileng bohobe bo tsoang leholimong. Hobane bohobe ba Molimo ke bona bo theohileng leholimong, bo fang lefatše bophelo.
Ba re ho eena: Morena u re fe bohobe bona kamehla. Jesu a re ho bona: Ke ‘na bohobe ba bophelo. Ea tlang ho ‘na ha a sa tla lapa, le ea lumelang ho ‘na a ke ke a hlola a nyoroa.
